15 Empa haeba le sa mamele lentswe la Jehova Modimo wa lona ka hore le phethe ditaelo tsohle tsa hae tseo ke le laelang tsona kajeno, dikotlo tsena tsohle di tla le tlela mme dintho tsena tsohle tse mpe di tla le hlahela:+
25 Jehova o tla etsa hore dira tsa lona di le hlole.+ Le tla di hlasela le hlaha lehlakoreng le le leng empa le tla di baleha ka mahlakore a supileng a fapaneng. Mebuso yohle ya lefatshe+ e tla tshoha ha e bona dintho tsohle tse mpe tse le hlahelang.