LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • 2 Marena 18:13
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 13 Ha Morena Ezekiase a ena le dilemo tse 14 a busa, Sankeribe morena wa Asiria+ a hlasela metse yohle ya Juda e sireleditsweng ka thata mme a e hapa.+

  • 2 Dikronike 32:1
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 32 Ka mora dintho tsena tseo Ezekiase a ileng a di etsa ka botshepehi,+ Morena Sankeribe wa Asiria a hlasela Juda. A dikadiketsa metse e sireleditsweng ka marako hobane o ne a batla ho thuha marako a yona le ho e hapa.+

  • Esaia 8:7, 8
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  7 Jehova o tla tlisa

      Metsi a matla le a mangata a Noka* hodima bona

      E leng morena wa Asiria+ le matla ohle a hae.

      O tla tlala dikotopo tsohle tsa hae,

      A kwahele mabopo ohle a hae

       8 A fetele pele Juda.

      O tla phalla, a fete a be a fihle molaleng.+

      Mapheo a hae a phukaladitsweng a tla kwahela naha ya hao ka bophara,

      Wena Emanuele.”*+

  • Esaia 10:28-32
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 28 Ba futuhetse Ajathe,+

      Ba fetetse pele Migrone,

      Ba beha thoto ya bona Mikmashe.+

      29 Ba fetile ledibohong,

      Ba robala Geba,+

      Rama e a thothomela, Gibea+ ya Saule e balehile.+

      30 Bokolla mme o hweletse, moradi wa Galime.

      Hlokomela, wena Laisha.

      Wena Anathothe,+ o otla pelo.

      31 Madmena o balehile.

      Baahi ba Gebime ba balehetse moo ho sireletsehileng.

      32 Ka letsatsi lona lena, o tla ema Nobe.+

      O tsokela baahi ba thaba ya Sione setebele

      E leng leralla la Jerusalema.

  • Esaia 33:8
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  8 Ditsela tse kgolo di tlohetswe feela,

      Ha ho na motho ya tsamayang ditseleng.

      O* tlotse selekane,

      O hlompholotse metse,

      Ha a tsotelle batho.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share