LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • 2 Marena 18:28-35
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 28 Rabshake a ema mme a hweletsa ka puo ya Bajuda a re: “Mamelang mantswe a morena e moholo, morena wa Asiria.+ 29 Morena o re: ‘Le se ke la dumella Ezekiase ho le thetsa hobane a ke ke a kgona ho le pholosa ha ke le hlasela.+ 30 Hape le se ke la dumella Ezekiase ho etsa hore le tshepe Jehova ha a re: “Jehova o tla re pholosa mme motse ona o ke ke wa fediswa ke morena wa Asiria.”+ 31 Le se ke la mamela Ezekiase ka ha nna morena wa Asiria ke re: “Bopang kgotso le nna mme le inehele* e le hore kaofela le ka ja difateng tsa lona tsa morara, tsa feie* le be le nwe metsi a didiba tsa lona, 32 ho fihlela ke tla mme ke le isa naheng e tshwanang le ya lona,+ e nang le koro* le veine e ntjha, bohobe, dirapa tsa morara, difate tsa oli ya mohlwaare le mahe a dinotshi. Ha le etsa jwalo le ke ke la shwa. Le se ke la kgeloswa ke Ezekiase ha a re: ‘Jehova o tla re lopolla.’ 33 Na ho na le setjhaba seo modimo wa sona a kileng a se pholosa ho morena wa Asiria? 34 E kae medimo ya Hamathe+ le Arpade? E kae medimo ya Sefarvaime,+ Hena le Iva? Na e ile ya pholosa Samaria ha ke ne ke e hlasela?+ 35 Ke modimo ofe hara medimo yohle ya dinaha tsee ya ileng a pholosa naha ya hae ha ke e hlasela hoo le nahanang hore Jehova a ka pholosa Jerusalema?”’”+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share