-
2 Marena 20:4-6Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
4 Esaia o ne a eso fihle lebaleng le hare ha Jehova a re ho yena:+ 5 “Kgutla o ye ho Ezekiase moetapele wa batho ba ka mme o re, ‘Jehova Modimo wa moholoholo wa hao Davida o re: “Ke utlwile thapelo ya hao mme ke bone meokgo ya hao.+ Ke tlo o fodisa.+ Ka letsatsi la boraro o tla ya ntlong ya Jehova.+ 6 Ke tla eketsa bophelo ba hao ka dilemo tse 15 mme ke tla pholosa wena le motse ona ho morena wa Asiria.+ Ke tla sireletsa motse ona mme ke o pholose ka lebaka la lebitso la ka le ka lebaka la mohlanka wa ka Davida.”’”+
-