LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Exoda 7:3
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 3 Ke tla tlohela Faro hore a be manganga+ mme ke tla etsa dipontsho le mehlolo e mengata naheng ya Egepeta.+

  • Exoda 7:5
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 5 Baegepeta ba tla tseba hore ke nna Jehova+ ha ke otlolla letsoho la ka ke otla Egepeta ke bile ke ntsha Baiseraele hara bona.”

  • Exoda 9:15, 16
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 15 Hona jwale nka be ke ile ka phahamisa letsoho la ka hore ke otle wena le batho ba hao ka bolwetse bo bolayang mme o ka be o fedisitswe lefatsheng. 16 Empa ke o bolokile o phela ka lebaka lena: hore ke o bontshe matla a ka le hore lebitso la ka le bolelwe lefatsheng lohle.+

  • Deuteronoma 4:34
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 34 Kapa na Modimo o kile a leka ho inkela setjhaba hara setjhaba se seng, a sebedisa dikotlo,* dipontsho, mehlolo,+ ntwa,+ letsoho le matla+ le diketso tse tshosang+ e le hore a se nke jwalo ka ha Jehova Modimo wa lona a entse bakeng sa lona Egepeta ka pela mahlo a lona?

  • 2 Samuele 7:23
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 23 Ke setjhaba sefe lefatsheng se tshwanang le setjhaba sa hao sa Iseraele?+ Modimo o ile a se lopolla hore e be setjhaba sa hae,+ a iketsetsa lebitso+ ka ho se etsetsa dintho tse kgolo le tse makatsang.+ O ile wa leleka ditjhaba tse ding le medimo ya tsona bakeng sa setjhaba sa hao, seo o ileng wa itopollela sona Egepeta.

  • Esaia 63:12
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 12 O kae Ya neng a tsheheditse Moshe ka letsoho la Hae le matla,*+

      Ya arotseng metsi ka pela bona+

      Ho etsa hore lebitso la hae le dule le hopolwa ho ya ho ile?+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share