-
Levitike 25:39-42Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
39 Haeba ngwaneno ya dulang haufi le wena a futsaneha mme a tlameha ho ithekisa ho wena hore e be lekgoba,+ o se ke wa mo qobella ho etsa mosebetsi wa makgoba.+ 40 O mo tshware jwalo ka mosebeletsi ya hirilweng+ kapa jwalo ka moditjhaba. A o sebeletse ho fihlela Selemo sa Tokoloho se fihla. 41 Jwale o tla tloha ho wena ha mmoho le bana* ba hae ba nang le yena mme a kgutlele lelapeng la hae. A kgutlele motseng wa baholoholo ba hae.+ 42 Ke bahlanka ba ka bao ke ba ntshitseng naheng ya Egepeta.+ Ba se ke ba ithekisa bokgobeng.
-