-
Jeremia 21:7Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
7 Jehova o boetse o re: ‘Ka mora moo, Morena Tsedekia wa Juda le bahlanka ba hae le batho ba motse ona ba phonyohileng lefu la sewa, sabole le tlala, ke tla nehelana ka bona letsohong la Morena Nebukadnezare* wa Babilona, matsohong a dira tsa bona le matsohong a ba batlang ho ba bolaya.+ Morena Nebukadnezare o tla ba bolaya ka sabole. A ke ke a ba utlwela bohloko le ha e le ho ba qenehela kapa ho ba hauhela.’”+
-
-
Ezekiele 12:12, 13Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
12 Kgosana e hara bona e tla jara thoto ya yona ebe e tsamaya ho le lefifi. E tla phunya lesoba leboteng, e ntshe thoto ya yona ka lona.+ E tla ikwahela sefahleho e le hore e se ke ya bona fatshe.’ 13 Ke tla e kwahela ka letlowa ke e tshwase,+ ke e tlise Babilona naheng ya Bakalde empa e ke ke ya bona naha eo mme e tla shwella moo.+
-