-
2 Marena 25:4-7Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
4 Ho ile ha dihuwa lebota la motse+ mme masole ohle a Jerusalema a baleha bosiu a tswa ka keiti e pakeng tsa mabota a mabedi haufi le serapa sa morena ha Bakalde ba ntse ba potapotile motse. Morena Tsedekia a baleha ka tsela e yang Araba.+ 5 Empa masole a Bakalde a lelekisa morena, a mo fumana lehwatateng la Jeriko, masole ohle a hae a ne a balehile. 6 A tshwara morena+ mme a mo tlisa ho morena wa Babilona Ribla yaba o a ahlolwa. 7 A bolaya bara ba Tsedekia ka pela mahlo a hae mme Nebukadnezare a mo foufatsa, a mo tlama ka diketane tsa koporo yaba o mo isa Babilona.+
-
-
Jeremia 52:7-11Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
7 Qetellong lerako la motse la heletswa mme masole ohle a baleha motseng bosiu. A tswa ka keiti e pakeng tsa mabota a mabedi e haufi le serapa sa morena ha Bakalde ba ntse ba potapotile motse. A nna a baleha ka tsela ya Araba.+ 8 Empa masole a Bakalde a lelekisa morena, a fumana Tsedekia+ lehwatateng la Jeriko. Masole ohle a hae a ne a balehile. 9 A tshwara Morena Tsedekia a mo tlisa Ribla ho morena wa Babilona naheng ya Hamathe yaba o a mo ahlola. 10 Morena wa Babilona a bolaya bara ba Tsedekia ka pela mahlo a hae. A bolaela le dikgosana tsohle tsa Juda Ribla. 11 Ka mora moo, morena wa Babilona a foufatsa Tsedekia,+ a mo tlama ka diketane tsa koporo, a mo tlisa Babilona mme a mo kwalla ho fihlela letsatsing la lefu la hae.
-