LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Deuteronoma 28:45
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 45 Le tla tlelwa ke dikotlo tsena tsohle+ ho fihlela le fedisitswe+ hobane ha le a ka la mamela lentswe la Jehova Modimo wa lona le ditaelo tseo a le laetseng tsona.+

  • Jeremia 44:12-14
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 12 Ke tla nka Bajuda ba setseng ba pheheletseng ho ya dula Egepeta mme kaofela ba tla shwella naheng ya Egepeta.+ Ba tla bolawa ke sabole le tlala, ho tloha ho mofutsana ho ya ho morui. Ba tla fediswa ke sabole le tlala. Batho ba tla tshoha ha ba ba bona, ba tla rohakwa, ba songwe ba be ba nyefolwe.+ 13 Ke tla otla ba dulang naheng ya Egepeta jwalo ka ha ke otlile Jerusalema ka sabole, tlala le lefu la sewa.+ 14 Batho ba setseng ba Juda ba ileng Egepeta ho ya dula teng ba ke ke ba phela kapa ba phonyoha hore ba kgutlele naheng ya Juda. Ba tla labalabela ho kgutlela teng empa ba ke ke ba kgutla. Ho tla kgutla ba seng bakae feela ba phonyohileng.’”

  • Jeremia 44:27, 28
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 27 Ke ba behile leihlo e le hore ke ba tlisetse tlokotsi eseng ntho e molemo.+ Bajuda bohle ba naheng ya Egepeta ba tla bolawa ke sabole le tlala ho fihlela ba fela.+ 28 Ke ba seng bakae feela ba tla phonyoha sabole mme ba kgutlele naheng ya Juda+ ba tswa Egepeta. Bohle ba setseng ba Juda ba tlileng naheng ya Egepeta ho tla dula teng ba tla tseba hore na ha e le nna e le bona, ya neng a bua nnete ke mang.”’

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share