-
2 Marena 25:8-10Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
8 Ka letsatsi la bosupa kgweding ya bohlano e leng ha Morena Nebukadnezare* wa Babilona a ena le dilemo tse 19 a busa, Nebuzaradane+ mookamedi wa balebedi ebile e le mohlanka wa morena wa Babilona, a ya Jerusalema.+ 9 A tjhesa ntlo ya Jehova,+ ntlo ya morena*+ le matlo ohle a Jerusalema.+ A boela a tjhesa matlo a banna bohle ba hlomphehang.+ 10 Masole ohle a Bakalde a neng a ena le mookamedi wa balebedi a heletsa marako a neng a potapotile Jerusalema.+
-
-
2 Dikronike 34:24, 25Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
24 Jehova o re, ‘Ke tla tlisa tlokotsi sebakeng sena le ho baahi ba sona,+ ke tlise le bomadimabe bohle bo ngotsweng bukeng+ eo ba e balletseng morena wa Juda 25 hobane ba ntahlile+ mme ba etsetsa medimo e meng mahlabelo a kubellang mosi ebile ba nkutlwisa bohloko ka dintho tseo ba di etsang.+ Ke tla halefela sebaka sena mme ha ho na motho ya tla nthiba.’”+
-
-
2 Dikronike 36:16, 17Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
16 Empa ba ile ba soma baromuwa bao ba Modimo wa nnete,+ ba nyatsa mantswe+ a hae ba ba ba soma baprofeta ba hae,+ hoo Jehova a ileng a halefela batho ba hae haholo,+ ho fihlela ba se ba sa kgone ho thuswa.
17 A etsa hore morena wa Bakalde a ba hlasele+ a be a bolaye bahlankana ba bona ka sabole+ ka sehalalelong.+ Ha a ka a qenehela mohlankana kapa morwetsana, ya tsofetseng kapa ya kulang.+ Modimo a etsa hore a fedise dintho tsohle.+
-