-
Jeremia 40:11, 12Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
11 Bajuda bohle ba neng ba le Moabe, Amone le Edomo ha mmoho le ba neng ba le dinaheng tse ding tsohle le bona ba utlwa hore morena wa Babilona o dumeletse Bajuda ba bang hore ba dule Juda le hore o kgethile mora wa Akikame, Gedalia setloholo sa Shafane hore a ba okamele. 12 Jwale Bajuda bohle ba qala ho kgutla dibakeng tsohle tseo ba neng ba hasantswe ho tsona, ba tla Mizpa e naheng ya Juda ho Gedalia. Ba bokella veine le ditholwana tsa lehlabula tse ngata haholo.
-