-
Deuteronoma 13:6-9Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
6 Haeba ngwaneno, mora wa mme wa hao, mora wa hao, moradi wa hao, mosadi wa hao ya ratehang kapa motswalle wa hao wa hlooho ya kgomo a leka ho o hohela sephiring a re, ‘A re ye mme re sebeletse medimo e meng,’+ medimo eo wena kapa baholoholo ba hao le sa kang la e tseba, 7 medimo ya ditjhaba tse le potolohileng ebang ke tse haufi kapa tse hole le lona, ho tloha pheletsong e nngwe ya naha ho ya pheletsong e nngwe ya naha, 8 o se ke wa dumellana le yena kapa wa mo mamela+ kapa wa mo utlwela bohloko kapa wa mo qenehela kapa wa mo sireletsa. 9 Ho ena le hoo, ka sebele o lokela ho mo bolaya.+ E be wena wa pele ya mo tlepetsang ka majwe e le hore a shwe ebe ka mora moo setjhaba sohle se mo tlepetsa ka majwe.+
-