-
2 Dikronike 36:15, 16Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
15 Jehova Modimo wa baholoholo ba bona a nna a ba lemosa ka baromuwa ba hae. O ne a ba lemosa ka makgetlo a mangata hobane a utlwela batho ba hae bohloko a bile a sa batle hore tempele ya hae e fediswe. 16 Empa ba ile ba soma baromuwa bao ba Modimo wa nnete,+ ba nyatsa mantswe+ a hae ba ba ba soma baprofeta ba hae,+ hoo Jehova a ileng a halefela batho ba hae haholo,+ ho fihlela ba se ba sa kgone ho thuswa.
-
-
Jeremia 7:24-26Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
24 Empa ha ba a ka ba mamela kapa ba sekeha tsebe.+ Ho ena le hoo ba ile ba latela mehopolo* ya bona, ka manganga ba latela dipelo tsa bona tse kgopo+ yaba ba ya morao eseng pele, 25 ho tloha mohla baholoholo ba lona ba tswang Egepeta ho fihlela letsatsing lena.+ Ke ile ka nna ka romela bahlanka bohle ba ka bao e leng baprofeta ho lona, ke ba romela letsatsi le leng le le leng, ka makgetlokgetlo.*+ 26 Empa ba hanne ho mmamela mme ha ba a ka ba sekeha tsebe.+ Ho ena le hoo, ba ne ba le manganga* yaba ba etsa hampe ho feta baholoholo ba bona.
-
-
Jeremia 35:15Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
15 Ka le romela bahlanka bohle ba ka ba baprofeta, ke ba romela ka makgetlokgetlo*+ ke re: ‘Ke kopa e mong le e mong wa lona a furalle ditsela tsa hae tse mpe+ mme a etse dintho tse nepahetseng. Le se ke la latela medimo e meng kapa la e sebeletsa. Ha le ka mmamela le tla nne le dule naheng eo ke e fileng lona le baholoholo ba lona.’+ Empa ha le a ka la mmamela kapa la ntshekehela tsebe.
-