-
Jeremia 36:22-24Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
22 Morena o ne a dutse ka tlung eo a neng a dula ho yona mariha. E ne e le kgwedi ya borobong* mme mollo o ne o ntse o tuka leifong le ka pela hae. 23 Ka mora hore Jehudi a bale dikarolo tse tharo kapa tse nne tsa moqolo, morena o ne a tabola dikarolo tseo ka thipa ya mongodi ebe o di lahlela mollong o neng o tuka leifong, ho fihlela moqolo kaofela o fella mollong. 24 Morena le bahlanka bohle ba hae ba neng ba mametse ditaba tsena tsohle ha ba a ka ba tshoha ebile ha ba a ka ba tabola diaparo tsa bona.
-