LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Esaia 16:6
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  6 Re utlwile ka boikakaso ba Moabe. O ikakasa haholo.+

      Re utlwile ka boikgohomoso ba hae, boikakaso ba hae le kgalefo ya hae+

      Empa mantswe a hae a se nang thuso a ke ke a phethahala.

  • Esaia 25:10, 11
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 10 Letsoho la Jehova le tla sireletsa* thaba ena,+

      Moabe e tla hatakelwa sebakeng sa yona+

      Jwalo ka jwang bo hatakelwang hore bo etswe qubu ya moitedi.

      11 O tla otlolla matsoho a otle Moabe

      Jwalo ka ha motho ya sesang a otla metsi ka matsoho hore a sese

      Mme o tla kokobetsa boikgohomoso ba yona+

      A sebedisa matsoho a hae ka tsela e hlwahlwa.

  • Sofonia 2:9, 10
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  9 Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele o re: “Ke le tiisetsa ka nna Modimo ya phelang,

      Moabe e tla tshwana le Sodoma,+

      Amone e tshwane le Gomora,+

      E be lehwatata le nang le bobatsi le sekoti sa letswai.+

      Batho ba ka ba setseng ba tla ba tlatlapa

      Mme ba ba nkele naha.

      10 Ba tla hlahelwa ke dintho tsena hobane ba ikgohomosa,+

      Ba rohaka batho ba Jehova wa mabotho ba bile ba ithorisetsa bona.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share