11 Morena Oge wa Bashane e ne e le wa ho qetela wa ba setseng ho Barefaime. Lekase* la hae le ne le entswe ka tshepe.* Le ntse le le Raba motseng wa Baamone. Le ne le le bolelele ba dimithara tse nne* mme le le bophara ba dimithara tse ka bang pedi* ho latela tekanyo e behilweng.
24 Ho feta moo, Moshe o ne a file leloko la Gade lefa ho ya ka malapa a lona. 25 Naha ya bona e ne e akarelletsa Jazere+ le metse yohle ya Gileade le halofo ya naha ya Baamone+ ho ya fihla Aroere e shebaneng le Raba+
5 Ke tla etsa hore Raba+ e be sebaka seo dikamele di fulang ho sona le naha ya Baamone hore e be sebaka seo diphoofolo di phomolang ho sona. Le tla tseba hore ke nna Jehova.’