LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Esaia 13:1
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 13 Ena ke kahlolo e tobisitsweng ho Babilona+ eo Esaia+ mora wa Amoze a e boneng ponong:

  • Esaia 13:20
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 20 E ke ke ya hlola e eba le baahi

      Ebile ha ho na moloko o sa tla dula moo.+

      Moarabia a ke ke a hloma tente ya hae moo

      Le badisa ba ke ke ba bothisa mehlape ya bona moo.

  • Esaia 14:23
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 23 Jehova wa mabotho o re, “Ke tla e etsa lehae la dinoko mme e be sebaka se kollang metsi. Ke tla e fiela hore ho fele ka yona.”*+

  • Jeremia 50:3
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  3 Etswe setjhaba se futuhetse naha ya Babilona se tswa leboya,+

      Se etsa hore e be ntho e tshosang.

      Ha ho ya dulang ho yona.

      Ho balehile motho le phoofolo.

      Ba tsamaile.”

  • Jeremia 50:39
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 39 Ka hona, diphoofolo tse dulang lehwatateng di tla dula mmoho le diphokojwe*

      Mme dimpshe di tla dula Babilona.+

      Ha e sa tla hlola e eba le baahi.

      Ho ke ke ha hlola ho eba le moloko o dulang teng.”+

  • Jeremia 51:29
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 29 Lefatshe le tla reketla le thothomele

      Etswe Jehova o tla phethahatsa dintho tseo a di rerileng ka Babilona,

      A etse hore naha ya Babilona e be ntho e tshosang e se nang baahi.+

  • Jeremia 51:37
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 37 Babilona o tla fetoha diqubu tsa majwe,+

      Selao sa diphokojwe,+

      Ntho e tshosang e bileng e letsetswang molodi,

      E se nang baahi.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share