14 Jehova a re ho nna: “Baprofeta bao ba profeta mashano ka lebitso la ka.+ Ha ke a ka ka ba roma, ka ba laela kapa ka bua le bona.+ Ba le bolella pono ya bohata, bonohe bo se nang thuso le mashano ao ba iqapetseng ona.*+
15 Moprofeta Jeremia a re ho moprofeta Hanania:+ “Ke kopa o mamele wena Hanania! Jehova ha a o roma empa o entse hore setjhaba sena se dumele leshano.+
8 Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o re: “Le se ke la dumela ho thetswa ke dinohe le baprofeta ba hara lona+ hape le se ke la mamela ditoro tseo ba di lorang. 9 Jehova o re: ‘Ba le profetela mashano ka lebitso la ka. Ha ke a ba roma.’”+
6 Ba reng, ‘Jehova o itse’ empa Jehova a sa ba roma, ba bone dipono tsa leshano mme ba profetile leshano. Le ha ho le jwalo, ba emetse hore mantswe a bona a phethahale.+