-
2 Marena 25:13, 14Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
13 Bakalde ba pshatla dipilara tsa koporo+ tse neng di le ntlong ya Jehova, diteroli+ le Tanka* ya koporo,+ tse neng di le ka tlung ya Jehova mme ba isa koporo eo Babilona.+ 14 Ba boela ba nka dinkgo, dikgarafu, dintho tse timang mollo, dikopi le dintho tsohle tse neng di sebediswa tempeleng, tse entsweng ka koporo.
-
-
Jeremia 52:17, 18Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
17 Bakalde ba pshatla dipilara tsa koporo+ tse neng di le ntlong ya Jehova, diteroli+ le Tanka* ya koporo,+ tse neng di le ka tlung ya Jehova mme ba isa koporo eo yohle Babilona.+ 18 Ba nka le dinkgo, dikgarafu, dintho tse timang mollo, dikotlolo,+ dikopi+ le dintho tsohle tse neng di sebediswa tempeleng tse entsweng ka koporo.
-
-
Daniele 5:3Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
3 Ba tlisa dijana tsa kgauta tse nkilweng tempeleng e ntlong ya Modimo Jerusalema yaba morena le bahlomphehi ba hae, direthe tsa hae le basadi ba hae ba banyenyane ba nwa ka tsona.
-