LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • 2 Dikronike 36:15, 16
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 15 Jehova Modimo wa baholoholo ba bona a nna a ba lemosa ka baromuwa ba hae. O ne a ba lemosa ka makgetlo a mangata hobane a utlwela batho ba hae bohloko a bile a sa batle hore tempele ya hae e fediswe. 16 Empa ba ile ba soma baromuwa bao ba Modimo wa nnete,+ ba nyatsa mantswe+ a hae ba ba ba soma baprofeta ba hae,+ hoo Jehova a ileng a halefela batho ba hae haholo,+ ho fihlela ba se ba sa kgone ho thuswa.

  • Nehemia 9:33
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 33 O bile ya lokileng dinthong tsohle tse re etsahaletseng hobane o ile wa tshepahala empa ke rona ba entseng dintho tse mpe.+

  • Daniele 9:7
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 7 Jehova, o Modimo ya lokileng. Empa kaofela ha rona, ho akarelletsa le batho ba Juda, baahi ba Jerusalema, Baiseraele bohle ba dulang haufi le ba dulang hole, ba dulang dinaheng tsohle tseo o ba hasantseng ho tsona, re hlabilwe ke dihlong jwalo ka ha ho le jwalo kajeno hobane ha re a o tshepahalla.+

  • Daniele 9:16
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 16 Jehova hle, re kopa o kgaotse ho halefela motse wa hao Jerusalema e leng thaba ya hao e halalelang hobane o dula o etsa dintho tse lokileng.+ Jerusalema le batho ba hao ba songwa ke batho bohle ba ba potolohileng+ ka lebaka la dibe tsa rona le diphoso tsa baholoholo ba rona.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share