Jeremia 38:9 Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha 9 “Kgosi ya ka morena, ntho eo banna bana ba e entseng moprofeta Jeremia e mpe. Ba mo lahletse ka sekoting. O tla shwella teng ka lebaka la tlala hobane ha ho sa na bohobe motseng.”+ Jeremia 52:6 Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha 6 Ka letsatsi la borobong kgweding ya bone,+ ho ile ha eba le tlala e kgolo motseng mme batho ba ne ba se na dijo naheng eo.+ Dillo Tsa Jeremia 2:12 Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha 12 Ba ntse ba re ho bomme ba bona: “Mme ke lapile ebile ke nyorilwe.”*+ Ba tepella jwalo ka motho ya tswileng leqeba diterateng tsa motse, Bophelo ba bona bo fela ba le ka diatleng tsa bomme ba bona. Dillo Tsa Jeremia 4:4 Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha 4 Leleme la lesea le anyang le kgomaretse mahalapeng ka lebaka la lenyora. Bana ba kopile dijo+ empa ha ho ya ba ngwathelang.+
9 “Kgosi ya ka morena, ntho eo banna bana ba e entseng moprofeta Jeremia e mpe. Ba mo lahletse ka sekoting. O tla shwella teng ka lebaka la tlala hobane ha ho sa na bohobe motseng.”+
6 Ka letsatsi la borobong kgweding ya bone,+ ho ile ha eba le tlala e kgolo motseng mme batho ba ne ba se na dijo naheng eo.+
12 Ba ntse ba re ho bomme ba bona: “Mme ke lapile ebile ke nyorilwe.”*+ Ba tepella jwalo ka motho ya tswileng leqeba diterateng tsa motse, Bophelo ba bona bo fela ba le ka diatleng tsa bomme ba bona.
4 Leleme la lesea le anyang le kgomaretse mahalapeng ka lebaka la lenyora. Bana ba kopile dijo+ empa ha ho ya ba ngwathelang.+