LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Esaia 13:19
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 19 Babilona, e ntle ka ho fetisisa hara mebuso,*+

      Ke botle le kganya ya Bakalde.*+

      E tla tshwana le Sodoma le Gomora ha Modimo a ne a di fedisa.+

  • Jeremia 25:12-14
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 12 Empa ha dilemo tse 70 di fetile,+ ke tla otla morena wa Babilona le setjhaba seo* ka lebaka la phoso ya bona+ mme ke tla etsa hore naha ya Bakalde e se ke ya hlola e eba le baahi ka ho sa feleng,’ ke Jehova ya tjhong.+ 13 ‘Ke tla phethahatsa dintho tsohle tseo ke boletseng hore ke tla di etsa naha eo, dintho tsohle tse ngotsweng bukeng ena tseo Jeremia a di profetileng ka ditjhaba tsohle. 14 Etswe ditjhaba tse ngata le marena a maholo+ a tla etsa Bakalde makgoba+ mme ke tla ba ahlola ho latela diketso tsa bona le mesebetsi ya matsoho a bona.’”+

  • Joele 3:19
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 19 Egepeta yona e tla dula e se na baahi,+

      Edomo e fetohe dithako

      Hobane di ile tsa tshwara Bajuda hampe,+

      Bao naheng ya bona ho ileng ha bolawa batho ba se nang molato.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share