15 Empa haeba le sa mamele lentswe la Jehova Modimo wa lona ka hore le phethe ditaelo tsohle tsa hae tseo ke le laelang tsona kajeno, dikotlo tsena tsohle di tla le tlela mme dintho tsena tsohle tse mpe di tla le hlahela:+
36 Lona ha mmoho le morena eo le mo kgethileng, Jehova o tla le lelekela setjhabeng seo lona le baholoholo ba lona le sa kang la se tseba+ mme moo le tla sebeletsa medimo e meng e leng medimo e entsweng ka patsi le lejwe.+
15 A isa Jojakine+ botlamuweng Babilona.+ A boela a tlosa mme wa morena, basadi ba morena, balaodi ba lekgotla le banna ba hlomphehang naheng ba neng ba le Jerusalema yaba o ba isa botlamuweng Babilona.
3 Ka mora moo, morena a re Ashpenaze molaodi wa hae wa lekgotla ya ka sehloohong a tlise ba bang ba Baiseraele,* ho akareletsa le bana ba leloko la borena le la bahlomphehi.+