LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Levitike 18:21
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 21 O se ke wa fana* ka ngwana wa hao ho Moloke.+ O se ke wa hlompholla lebitso la Modimo wa hao ka tsela eo.+ Ke nna Jehova.

  • Levitike 20:2
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 2 “O re ho Baiseraele, ‘Motho le ha e le ofe wa Iseraele le moditjhaba ya dulang Iseraele ya fanang ka ngwana wa hae ho Moloke, a bolawe.+ Batho ba naha ba mo tlepetse ka majwe ho fihlela a shwa.

  • 2 Marena 16:1
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 16 Ha Peka mora wa Remalia a ena le dilemo tse 17 a busa, Akaze+ mora wa Morena Jothame wa Juda ya eba morena.

  • 2 Marena 16:3
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 3 Empa o ile a etsa dintho tse neng di etswa ke marena a Iseraele+ a ba a tjhesa* mora wa hae+ e le ha a etsisa mekgwa e nyonyehang ya ditjhaba+ tseo Jehova a di lelekileng ha Baiseraele ba ne ba hapa naha.

  • 2 Dikronike 33:1
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 33 Manase+ o ne a le dilemo di 12 ha e eba morena mme a busa Jerusalema ka dilemo tse 55.+

  • 2 Dikronike 33:6
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 6 A tjhesa* bara ba hae+ Kgohlong ya Mora wa Hinome,+ a sebedisa boselamose,+ bonohe, boloi mme a batla thuso ho batho ba reng ba buisana le badimo le ho batho ba reng ba bolela diketsahalo esale pele.*+ O ile a etsa dintho tse mpe ka ho fetisisa mme a utlwisa Jehova bohloko.

  • Jeremia 7:31
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 31 Ba hahile dibaka tse phahameng tsa Tofethe, e Kgohlong ya Mora wa Hinome*+ e le hore ba tjhese bana ba bona mollong+ e leng ntho eo ke neng ke sa ba laela yona le eo ho seng mohla nkileng ka e nahana le ho e nahana.’*+

  • Ezekiele 20:26
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 26 Ke ile ka ba tlohela hore ba itshilafatse ka hore ba etse mahlabelo ka ho tjhesa bana ba bona ba matsibolo+ e le hore ke tle ke ba fedise le hore ba tsebe hore ke nna Jehova.’

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share