Deuteronoma
9 Mamelang lona Baiseraele. Kajeno le tshela Jordane+ ho ya leleka ditjhaba tse kgolo le tse matla ho le feta,+ metse e meholo le eo marako a yona a fihlang mahodimong,+ 2 setjhaba se matla le se nang le batho ba balelele, bara ba Baanake,+ bao le ba tsebang le bao le ileng la utlwa ho thwe ka bona, ‘Ke mang ya ka emang ka pela bara ba Anake?’ 3 Ka hoo, tsebang kajeno hore Jehova Modimo wa lona o tla le etella pele.+ O tshwana le mollo o fedisang+ mme o tla ba fedisa. O tla ba kokobetsa ka pela lona e le hore le ka ba leleka ka potlako mme la ba fedisa feela jwalo ka ha Jehova a le tshepisitse.+
4 Ha Jehova Modimo wa lona a ba leleka, le se ke la re ka dipelong tsa lona, ‘Jehova o re tlisitse ho tla nka naha ena hobane re lokile.’+ Ho ena le hoo, Jehova o leleka ditjhaba tsena ka lebaka la bokgopo ba tsona.+ 5 Ha le tlo nka naha ya tsona hobane le lokile kapa le ena le dipelo tse lokileng. Ho ena le hoo, Jehova Modimo wa lona o leleka ditjhaba tsena ka pela lona+ ka hobane di le kgopo e le hore a phethe lentswe leo Jehova a le hlapanyeditseng baholoholo ba lona e leng Abrahama,+ Isaka+ le Jakobo.+ 6 Jwale tsebang hore ha se hobane le lokile Jehova Modimo wa lona a le fang naha ena e ntle hore le e nke mme e be ya lona hobane le setjhaba se manganga.*+
7 Le se ke la lebala ka moo le halefisitseng Jehova Modimo wa lona ka teng lefeelleng.+ Le fetohetse Jehova+ ho tloha letsatsing leo ka lona le tswileng naheng ya Egepeta ho fihlela le fihla sebakeng sena. 8 Le ha le le Horebe le ile la halefisa Jehova mme Jehova o ile a le halefela hoo a batlileng a le fedisa.+ 9 Ha ke nyolohela thabeng ho ya amohela matlapa a lejwe+ e leng matlapa a selekane seo Jehova a neng a se entse le lona,+ ke ile ka dula thabeng ka matsatsi a 40 le masiu a 40,+ ke sa je ebile ke sa nwe metsi. 10 Jwale Jehova a mpha matlapa a mabedi a lejwe a ngotsweng ka monwana wa Modimo mme ho ona ho ne ho ena le mantswe ohle ao Jehova a a buileng le lona thabeng hara mollo letsatsing leo le neng le kopane* moo.+ 11 Ha matsatsi a 40 le masiu a 40 a fela, Jehova a mpha matlapa a mabedi a lejwe e leng matlapa a selekane. 12 Yaba Jehova o re ho nna, ‘Ema mme o theohe kapele hobane setjhaba sa heno seo o se ntshitseng Egepeta se entse sebe.+ Se kgelohile kapele tseleng eo ke itseng se e latele. Se iketseditse setshwantsho sa tshepe.’*+ 13 Jehova a boela a re ho nna, ‘Ke bone hore setjhaba sena ke setjhaba se manganga.*+ 14 O se ke wa nthibela hore ke se fedise, ke hlakole lebitso la sona tlasa mahodimo mme ke o etse setjhaba se matla le se sengata ho se feta.’+
15 Yaba ke theoha thabeng ha thaba e ntse e tuka mollo+ ke nkile matlapa a mabedi a selekane.+ 16 Jwale ka bona hore le sitetswe Jehova Modimo wa lona. Le ne le iketseditse namane ya tshepe.* Le ne le kgelohile kapele tseleng eo Jehova a itseng le e latele.+ 17 Yaba ke phahamisa matlapa a mabedi, ke a lahlela fatshe mme ke a pshatla ka pela lona.+ 18 Ka kgumama* ka pela Jehova sefahleho sa ka se shebile fatshe jwalo ka pele, ka matsatsi a 40 le masiu a 40. Ke ne ke sa je dijo le ha e le ho nwa metsi+ ka lebaka la dibe tsohle tseo le di entseng ka ho etsa dintho tse sa thabiseng Jehova le ho mo utlwisa bohloko. 19 Ke ne ke tshohile hobane Jehova o ne a le halefetse haholo+ hoo a neng a ikemiseditse ho le fedisa. Le ha ho le jwalo, le ka nako eo Jehova o ile a mmamela.+
20 Jehova o ne a halefetse Arone mme a ikemiseditse ho mo fedisa+ empa le ka nako eo ke ile ka etsetsa Arone thapedi. 21 Yaba ke nka namane eo le neng le e entse,+ eo le ileng la etsa sebe ka lebaka la ho e etsa, ka e tjhesa mollong. Ka e pshatla ka ba ka e sila ho fihlela e eba jwalo ka lerole mme ka e qhalla nokaneng e phallang ho tloha thabeng.+
22 Le ile la boela la halefisa Jehova ha le le Tabera,+ Masa+ le Kibrothe-hatava.+ 23 Ha Jehova a le ntsha Kadeshe-barnea+ mme a re, ‘Nyolohang mme le nke naha eo ka sebele ke tla le fa yona,’ le ile la boela la hana ho mamela taelo ya Jehova Modimo wa lona+ mme ha le a ka la bontsha tumelo ho yena+ le ho mo mamela. 24 Haesale le sa mamele Jehova ho tloha ha ke qala ho le tseba.
25 Ka hoo, ka nna ka kgumama ka pela Jehova sefahleho sa ka se shebile fatshe ka matsatsi a 40 le masiu a 40.+ Ke ile ka kgumama ka tsela ena hobane Jehova a ne a itse o tlo le fedisa. 26 Ka etsa thapedi ho Jehova ka re, ‘Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle, o se ke wa fedisa setjhaba sa hao. Ke setjhaba sa hao*+ seo o se lopolotseng ka matla a hao mme wa se ntsha Egepeta ka letsoho le matla.+ 27 Hopola bahlanka ba hao e leng Abrahama, Isaka le Jakobo.+ O tshwarele manganga a setjhaba sena, bokgopo ba sona le sebe sa sona.+ 28 Ho seng jwalo, setjhaba seo o re ntshitseng naheng ya sona se ka re: “Jehova o ne a sa kgone ho se isa naheng eo a se tshepisitseng yona mme ka ha o se hloile, o se ntshitse hore a se bolaele lefeelleng.”+ 29 Ke setjhaba sa hao le lefa la hao.*+ Ke setjhaba seo o se ntshitseng ka matla a hao a maholo le ka letsoho la hao le matla.’+