Moeklesia
1 Mantswe a mosuwe,*+ morena wa Jerusalema, mora wa Davida.+
2 Mosuwe o re: “Lefeela la mafeela!
Lefeela la mafeela! Ntho e nngwe le e nngwe ke lefeela!”*+
5 Letsatsi le a tjhaba ebile le a dikela
Ebe le potlakela ho kgutlela moo le tswang teng e le hore le tjhabe hape.+
6 Moya o ya borwa mme o potoloha ho ya leboya.
O ntse o potoloha jwalo, o sa kgaotse.
7 Dinoka* kaofela di phallela lewatleng empa lewatle ha le tlale.+
Di kgutlela sebakeng seo di qadileng ho phalla di le ho sona e le hore di phalle hape.+
8 Dintho tsohle di a kgathatsa,
Ha ho motho ya kgonang ho di hlalosa.
Leihlo ha le kgotsofalle ho bona
Le tsebe ha e tlale ke ho utlwa.
9 Se bileng teng se tla ba teng
Le se kileng sa etswa se tla etswa hape,
10 Na ho na le ntho eo motho a ka reng ka yona: “Bona ntho ena, e ntjha”?
Esale e le teng ho tloha kgalekgale,
Esale e le teng pele ho mehla ya rona.
11 Ha ho na motho ya hopolang batho ba mehleng ya kgale,
Ha ho na motho ya tla hopola batho ba tla ba teng ha morao,
Le bona ba ke ke ba hopolwa ke batho ba tlo hlaha ka mora bona.+
12 Nna mosuwe, ke ne ke le morena wa Iseraele Jerusalema.+ 13 Ka pelo yohle ke ile ka ikemisetsa ho sebedisa bohlale ba ka+ ho ithuta le ho batlisisa* ka ntho e nngwe le e nngwe e entsweng lefatsheng.+ Ka batlisisa ka mosebetsi o bosula oo Modimo a o fileng batho o ba phathahantseng.
14 Ke ile ka bona mesebetsi yohle e etswang mona lefatsheng*
Mme ka hlokomela hore ntho e nngwe le e nngwe ke lefeela, ke ho lelekisa moya.+
15 Dintho tse sothehileng di ke ke tsa otlollwa,
Le tse siyo di ke ke tsa balwa.
16 Ke ile ka re ka pelong: “Ke bohlale ho feta mang kapa mang ya bileng teng pele ho nna Jerusalema+ ebile ke fumane bohlale bo bongata le tsebo.”+ 17 Ka pelo yohle ke ile ka ikemisetsa ho tseba bohlale, bohlanya le bowatla+ mme ho ikemisetsa ho tseba dintho tsena le hona ke ho lelekisa moya.
18 Bohlale bo bongata bo baka le matshwenyeho a mangata.
Ka hoo, ya eketsang tsebo o eketsa bohloko.+