Esaia
45 Ana ke mantswe ao nna Jehova ke a boleletseng motlotsuwa wa ka, Saeruse,+
Eo ke tshwereng letsoho la hae le letona+
Hore ke hlole ditjhaba ka pela hae+
Le hore ke amohe marena matla,*
Ke bule ka pela hae menyako e nang le mamati a mabedi
E le hore dikeiti di se ke tsa kwalwa:
Ke tla roba mamati a koporo dikoto,
Ke pome le mekwallo ya tshepe.+
3 Ke tla o fa matlotlo a hara lefifi
Le matlotlo a patilweng kgotjheletsaneng+
E le hore o ka tseba hore ke nna Jehova,
Modimo wa Iseraele, ya o bitsang ka lebitso.+
4 Molemong wa mohlanka wa ka Jakobo le wa Iseraele mokgethwa wa ka,
Ke o bitsa ka lebitso.
Ke o fa lebitso le hlomphehang le hoja o ne o sa ntsebe.
5 Ke nna Jehova, ha ho e mong.
Ha ho Modimo ntle ho nna.+
Ke tla o fa matla* le hoja o ne o sa ntsebe,
6 E le hore batho ba ka tseba
Ho tloha botjhabela ho ya bophirimela*
Hore ha ho e mong ntle ho nna.+
Ke nna Jehova mme ha ho e mong.+
Nna, Jehova, ke etsa dintho tsena tsohle.
Lefatshe le ke le bulehe le hlahise ditholwana tsa poloko,
Le hlahise le ho loka ka nako e tshwanang.+
Nna, Jehova, ke entse dintho tsena.”
9 Ho madimabe ya phehisang Mmopi wa hae* kgang
Hobane ke leqhetswana feela
Hara maqhetswana a mang a dijana tsa letsopa a lahletsweng fatshe.
Na letsopa le ka re ho Sebopi:* “O etsang?”+
Kapa na mosebetsi wa hao o ka re: “Ha a na matsoho”?*
10 Ho madimabe ya reng ho ntate: “O ntate wa eng?”
Le ho mme: “O beleha eng?”*
11 Jehova, Moetsi le Mohalaledi wa Iseraele,+ o re:
“Na le ka mphehisa kgang ka dintho tseo e leng hona di tla etsahala
Le ho ntaela hore na ke etseng ka bana ba ka+ le mesebetsi ya matsoho a ka?
12 Ke entse lefatshe+ ka ba ka bopa motho.+
Ke yena ya tla haha motse wa ka+
Le ho lokolla batho ba ka botlamuweng+ ntle ho tefo kapa tjotjo,”+ ke Jehova wa mabotho ya tjhong.
14 Jehova o re:
“Phaello* ya Egepeta le thepa e rekiswang* ya Ethiopia, le Basabia, banna ba balelele,
Ba tla tla ho wena mme e tla ba ba hao.
Ba tla tsamaya ka mora hao ba tlanngwe ka diketane.
Ba tla tla, ba o inamele.+
Ba tla o rapela ba re, ‘Ka nnete Modimo o na le wena+
Mme ha ho e mong, ha ho Modimo e mong.’”
16 Kaofela ha bona ba tla swabiswa mme ba tlotlollwe.
Baetsi ba ditshwantsho tse rapelwang ba tla tloha ba swabile kaofela.+
17 Empa Jehova o tla pholosa Iseraele ka ho sa feleng.+
Le ke ke la swabiswa kapa la tlotlollwa ho ya ho ile.+
18 Ana ke mantswe a Jehova,
Mmopi wa mahodimo,+ Modimo wa nnete,
Ya entseng lefatshe, Moetsi wa lona ya le tiisitseng ka thata,+
Ya sa kang a le bopela lefeela* empa a le etseditse hore batho ba dule ho lona:+
“Ke nna Jehova mme ha ho e mong.
19 Ha ke a bua ke le sebakeng se patehileng,+ sebakeng se lefifi.
Ha ke a re ho ditloholo* tsa Jakobo,
‘Le ha le ka mpatla, le tla be le mpatlela lefeela.’
Ke nna Jehova, ya buang dintho tse nepahetseng* le ya phatlalatsang nnete.+
20 Bokanang mme le tle.
Atamelang mmoho, lona baphonyohi ba tswang ditjhabeng.+
Ba tsamayang ba nkile ditshwantsho tse betlilweng ha ba tsebe letho,
Ba rapela modimo ya ke keng a ba pholosa.+
21 Ba ke ba* etse tlaleho ya bona, ba teke nyewe ya bona,
Ba rerisane ha mmoho ba entse ngatananngwe.
Ke mang ya ileng a profeta dintho tsee ho tloha kgale,
A di phatlalatsa ho tloha dinakong tse fetileng?
Na ha se nna, Jehova?
Ha ho Modimo e mong haese nna.
Ke Modimo ya lokileng le Mopholosi,+ ha ho e mong ntle le nna.+
22 Sokolohelang ho nna mme le pholoswe,+ lona dikgutlo tsohle tsa lefatshe
Hobane ke nna Modimo mme ha ho e mong.+
Motho e mong le e mong o tla nkgumamela,
Motho e mong le e mong o tla ikana hore o tla ntshepahalla+
24 A re, ‘Ruri Jehova o dula a etsa dintho tse lokileng mme o matla.
Bohle ba mo halefelang ba tla tla ka pela hae ba swabile.