Diketso Tsa Baapostola
25 Festase+ a fihla profinseng ya Judea mme a nka puso. Ka mora matsatsi a mararo a tloha Sesarea a ya Jerusalema. 2 Baprista ba baholo le Bajuda ba bang ba hlaheletseng ba mo bolella dintho tseo ba qosang Pauluse ka tsona.+ Ba kopa Festase 3 hore a romele Pauluse Jerusalema. Empa ba ne ba batla ho mo lalla tseleng ebe ba a mo bolaya.+ 4 Festase a re Pauluse o tlameha ho kwallwa Sesarea le hore yena o ne a tlo kgutlela teng haufinyane. 5 A re: “Ereng baetapele ba lona ba tsamaye le nna ba yo mo qosa haeba ehlile ho ena le ntho e phoso eo a e entseng.”+
6 Ka mora ho qeta matsatsi a ka bang robedi kapa leshome a ena le bona, a ya Sesarea. Letsatsing le hlahlamang, a dula setulong sa kahlolo yaba o laela hore Pauluse a tliswe. 7 Ha a fihla, Bajuda ba tswang Jerusalema ba mo potapota, ba mo qosa ka dintho tse ngata tse kgolo tseo ba neng ba sitwa ho di paka.+
8 Ha Pauluse a itshireletsa a re: “Ha ke a tlola Molao wa Bajuda kapa wa tempele ebile ha ke a sitelwa Sesare.”+ 9 Ka ha Festase o ne a batla ho kgahlisa Bajuda,+ a re ho Pauluse: “Na o batla ho ya Jerusalema o yo ahlolelwa dintho tsee o le hona teng?” 10 Pauluse a re: “Ke eme ka pela setulo sa kahlolo sa Sesare moo ke tshwanelang ho ahlolelwa teng. Le wena o a bona hore ha ke a fosetsa Bajuda. 11 Haeba ke hlile ke le molato mme ke entse ntho e tshwanelwang ke lefu,+ ha ke hane hore ke bolawe. Le teng haeba dintho tseo banna bana ba nqosang ka tsona e se nnete, ha ho na motho ya nang le tokelo ya ho fana ka nna ho bona hore feela a ba kgahlise. Ke ipiletsa ho Sesare.”+ 12 Ka mora hore Festase a bue le sehlopha sa baeletsi, a re: “Ka ha o ipileditse ho Sesare, o tla ya ho Sesare.”
13 Ka mora matsatsi a itseng, Morena Agripa le Bernise ba fihla Sesarea ho tla dumedisa Festase. 14 Ka ha ba ile ba qeta matsatsi a mangata moo, Festase a bolella morena ka nyewe ya Pauluse a re:
“Ho na le monna eo Felixe a mo siileng a kwaletswe. 15 Ha ke le Jerusalema, baholo ba Bajuda le baprista ba baholo ba ile ba tla ho nna ba mo qosa,+ ba kopa hore a ahlolwe. 16 Empa ka ba bolella hore ka tlwaelo Baroma ha ba fane ka moqosuwa pele a kopana le baqosi ba hae mme a fumana monyetla wa ho ipuella.+ 17 Ka hoo, ha re fihla mona ha ke a ka ka senya nako, ka le hlahlamang ka dula setulong sa kahlolo yaba ke laela hore monna eo a tliswe. 18 Baqosi ba ema ba mo qosa empa ba ne ba sa mo qose ka dintho tse mpe tseo ke neng ke nahana hore ba tla mo qosa ka tsona.+ 19 Ba ne ba mpa ba mo qosa ka ditaba tse amanang le bodumedi ba bona+ le monna e mong ya bitswang Jesu, ya neng a shwele empa Pauluse a ntse a re o a phela.+ 20 Ka ha ke ne ke sa tsebe hore na ke sebetse nyewe ena jwang, ka mo botsa hore na o batla ho ya Jerusalema a yo ahlolelwa dintho tsena hona teng.+ 21 Pauluse a kopa ho dula ditlamong a emele qeto ya Motlotlehi*+ yaba ke laela hore a dule ho fihlela ke mo romela ho Sesare.”
22 Agripa a re ho Festase: “Ke utlwa ke batla ho utlwa monna enwa.”+ Festase a re: “O tla mo utlwa hosane.” 23 Ka le hlahlamang, Agripa le Bernise ba fihla ka boikgohomoso bohle mme ba kena ka holong le baokamedi ba sesole le banna ba hlaheletseng ba motse. Festase a laela hore Pauluse a tliswe. 24 Festase a re: “Morena Agripa le lona bohle ba teng mona, le a mo bona monna enwa eo Bajuda bohle ba Jerusalema le ba mona ba ipileditseng ho nna ka yena, ba re ha a sa tshwanelwa ke ho phela.+ 25 Empa ke ile ka hlokomela hore ha a etsa letho le tshwanelwang ke lefu.+ Ka hoo, eitse ha a ipiletsa ho Motlotlehi, ka etsa qeto ya ho mo romela ho yena. 26 Empa ha ke na letho le tiileng leo nka le ngollang Morena ka ka yena. Ka hoo, ke mo tlisitse ka pela lona kaofela, haholoholo ka pela hao Morena Agripa, e le hore ka mora hore le mamele nyewe ena ya hae, nka ba le ntho eo nka e ngolang. 27 Ke bona e se ntho e utlwahalang hore ke romele motshwaruwa empa ke sa bolela hore na o qoswa kang.”