Exoda
8 Jehova a re ho Moshe: “Eya ho Faro o re ho yena, ‘Jehova o itse: “Tlohela setjhaba sa ka hore se tsamaye e le hore se tle se ntshebeletse.+ 2 Haeba o ntse o hana ho se tlohela hore se tsamaye, ke tla otla naha yohle ya hao ka dinqanqane.+ 3 Noka ya Nile e tla ba le dinqanqane tse ngata haholo. Di tla nyoloha mme di kene ka tlung ya hao le ka kamoreng ya hao ya ho robala, hodima bethe ya hao le ka matlung a bahlanka ba hao le ho setjhaba sa hao le ka diontong tsa hao le ka dikotlolong tsa hao tseo ho dubelwang ho tsona.+ 4 Dinqanqane di tla nyolohela ho wena, ho setjhaba sa hao le ho bahlanka bohle ba hao.”’”
5 Ka mora nako Jehova a re ho Moshe: “Ere ho Arone, ‘Otlollela letsoho leo o tshwereng molamu wa hao ka lona hodima dinoka, melatswana ya Noka ya Nile le hodima matamo a nang le lehlaka mme o etse hore dinqanqane di nyolohele naheng ya Egepeta.’” 6 Arone a otlollela letsoho hodima metsi a Egepeta mme dinqanqane tsa nyoloha le ho kwahela naha ya Egepeta. 7 Le ha ho le jwalo, baprista ba maselamose ba etsa ntho e tshwanang mme le bona ba etsa hore dinqanqane di nyolohele naheng ya Egepeta.+ 8 Faro a bitsa Moshe le Arone mme a re: “Nkopeleng ho Jehova hore a tlose dinqanqane ho nna le ho setjhaba sa ka+ ka ha ke batla ho tlohela setjhaba sa lona hore se tsamaye se yo etsetsa Jehova sehlabelo.” 9 Moshe a re ho Faro: “Ke wena ya tla mpolella hore na ke kope Modimo neng hore a tlose dinqanqane ho wena, ho bahlanka ba hao, ho setjhaba sa hao le ka matlung a hao. Di tla siuwa feela Nokeng ya Nile.” 10 Faro a re: “Hosane.” Moshe a re: “Ho tla etswa jwalo ka ha o boletse e le hore o ka tseba hore ha ho ya tshwanang le Jehova Modimo wa rona.+ 11 Dinqanqane di tla tloha ho wena le ka matlung a hao le ho bahlanka ba hao le ho batho ba hao. Di tla sala ka Nokeng ya Nile feela.”+
12 Moshe le Arone ba tloha ho Faro mme Moshe a kopa Jehova hore a tlose dinqanqane tseo a neng a di tliseditse Faro.+ 13 Jehova a etsa seo Moshe a se kopileng mme dinqanqane tsa shwa ka matlung, mabaleng le naheng. 14 Ba ne ba di bokella ka diqubu tse ngata mme naha ya nkga hampe. 15 Ha Faro a bona hore dinqanqane ha di sa le yo, a ba manganga+ mme a hana ho ba mamela feela jwalo ka ha Jehova a ne a buile.
16 Jehova a re ho Moshe: “Ere ho Arone, ‘Phahamisa molamu wa hao o otle lerole la lefatshe mme le tla fetoha menwang naheng yohle ya Egepeta.’” 17 Ba etsa jwalo. Arone a otlolla letsoho leo a tshwereng molamu wa hae ka lona yaba o otla lerole la lefatshe mme menwang ya hlasela batho le diphoofolo. Lerole lohle la lefatshe la fetoha menwang naheng yohle ya Egepeta.+ 18 Baprista ba maselamose le bona ba leka ho etsa menwang+ empa ba hloleha. Menwang ya nna ya hlasela batho le diphoofolo. 19 Baprista ba maselamose ba re ho Faro: “Ntho ena e tswa ho Modimo.”*+ Empa Faro a nna a ba manganga mme a se ke a ba mamela feela jwalo ka ha Jehova a ne a buile.
20 Jehova a re ho Moshe: “Tsoha hoseng o yo kopana le Faro ha a le tseleng a ya nokeng mme o re, ‘Jehova o itse: “Tlohela batho ba ka hore ba tsamaye e le hore ba tle ba ntshebeletse. 21 Empa haeba o sa tlohele batho ba ka hore ba tsamaye, ke tla romela diboba* ho wena le ho bahlanka ba hao le ho setjhaba sa hao le ka matlung a lona mme matlo a Baegepeta a tla tlala diboba. Di tla kwahela le naha yohle eo ba* dulang ho yona. 22 Letsatsing leo ke tla etsa se fapaneng ho naha ya Goshene, eo batho ba ka ba dulang ho yona. Ho ke ke ha eba le diboba moo+ mme o tla tseba ka sena hore nna Jehova ke naheng eo.+ 23 Ke tla etsa hore ho be le phapang pakeng tsa setjhaba sa ka le setjhaba sa hao. Hosane pontsho ena e tla ba teng.”’”
24 Jehova a etsa jwalo mme diboba tse ngata haholo tsa hlasela matlo a Faro le matlo a bahlanka ba hae le naha yohle ya Egepeta.+ Naha ya senngwa ke diboba.+ 25 Qetellong, Faro a bitsa Moshe le Arone mme a re: “Eyang le yo etsetsa Modimo wa lona sehlabelo empa e be hona naheng ena.” 26 Moshe a re: “Re ke ke ra kgona ho etsa jwalo hobane Baegepeta ba tla kgopeha ha ba bona dintho tseo re tla etsetsa Jehova Modimo wa rona sehlabelo ka tsona.+ Haeba re ne re ka etsa mahlabelo a kgopisang Baegepeta ba ntse ba re shebile, ba ka re tlepetsa ka majwe. 27 Re tla tsamaya leeto la matsatsi a mararo re ye lefeelleng mme re etsetse Jehova Modimo wa rona sehlabelo moo feela jwalo ka ha a re laetse.”+
28 Faro a re: “Ke tla le tlohela hore le tsamaye le yo etsetsa Jehova Modimo wa lona sehlabelo lefeelleng. Empa le se ke la ya hole haholo. Mpuelleng ho Modimo wa lona.”+ 29 Moshe a re: “Ke a tsamaya, ke yo o buella ho Jehova mme hosane diboba di tla tloha ho wena, ho bahlanka ba hao le ho setjhaba sa hao. Faro a ke a tlohelle ho re qhekella* ka ho hana ho tlohella setjhaba hore se tsamaye se yo etsetsa Jehova sehlabelo.”+ 30 Moshe a tloha ho Faro mme a rapela Jehova.+ 31 Jehova a etsa seo Moshe a se kopileng mme diboba tsa tloha ho Faro, ho bahlanka ba hae le ho setjhaba sa hae. Ha ho a ka ha sala le ha e le se le seng. 32 Le ha ho le jwalo, Faro a boela a ba manganga mme ha a ka a tlohela setjhaba hore se tsamaye.