LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • 1 Samuele 19
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

Kakaretso ya 1 Samuele

      • Saule o tswela pele ho hloya Davida (1-13)

      • Davida o baleha Saule (14-24)

1 Samuele 19:1

Mangolo a Dithupiso

  • +1 Sam. 18:9; Diprov. 27:4

1 Samuele 19:2

Mangolo a Dithupiso

  • +1 Sam. 18:1; Diprov. 18:24

1 Samuele 19:3

Mangolo a Dithupiso

  • +1 Sam. 20:9, 13; Diprov. 17:17

1 Samuele 19:4

Mangolo a Dithupiso

  • +1 Sam. 22:14

1 Samuele 19:5

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    E leng Goliathe.

  • *

    Kapa: “a etsa hore ba hlole.”

Mangolo a Dithupiso

  • +1 Sam. 17:49
  • +1 Sam. 20:32

1 Samuele 19:7

Mangolo a Dithupiso

  • +1 Sam. 16:21; 18:2, 13

1 Samuele 19:9

Mangolo a Dithupiso

  • +1 Sam. 16:14
  • +1 Sam. 18:10, 11

1 Samuele 19:11

Mangolo a Dithupiso

  • +Pes. 59:sehloohwana; 59:3

1 Samuele 19:13

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “modimo wa setshwantsho wa ka tlung.”

1 Samuele 19:15

Mangolo a Dithupiso

  • +1 Sam. 18:9

1 Samuele 19:16

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “modimo wa setshwantsho wa ka tlung.”

1 Samuele 19:17

Mangolo a Dithupiso

  • +1 Sam. 18:29

1 Samuele 19:18

Mangolo a Dithupiso

  • +1 Sam. 7:15, 17
  • +1 Sam. 20:1

1 Samuele 19:22

Mangolo a Dithupiso

  • +1 Sam. 19:18

1 Samuele 19:24

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “a setse ka diaparo tsa ka hare feela.”

Mangolo a Dithupiso

  • +1 Sam. 10:11

Diphetolelo Tse Ding

Penya temana e le hore o bone ditemana tse tsamaisanang le yona.

Tse Ding

1Sa 19:11 Sam. 18:9; Diprov. 27:4
1Sa 19:21 Sam. 18:1; Diprov. 18:24
1Sa 19:31 Sam. 20:9, 13; Diprov. 17:17
1Sa 19:41 Sam. 22:14
1Sa 19:51 Sam. 17:49
1Sa 19:51 Sam. 20:32
1Sa 19:71 Sam. 16:21; 18:2, 13
1Sa 19:91 Sam. 16:14
1Sa 19:91 Sam. 18:10, 11
1Sa 19:11Pes. 59:sehloohwana; 59:3
1Sa 19:151 Sam. 18:9
1Sa 19:171 Sam. 18:29
1Sa 19:181 Sam. 7:15, 17
1Sa 19:181 Sam. 20:1
1Sa 19:221 Sam. 19:18
1Sa 19:241 Sam. 10:11
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
  • E bale ka phetolelo ena Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
  • 22
  • 23
  • 24
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
1 Samuele 19:1-24

Buka ya Pele ya Samuele

19 Ha morao Saule a bolella mora wa hae Jonathane le bahlanka bohle ba hae hore o batla ho bolaya Davida.+ 2 Ka ha Jonathane mora wa Saule o ne a rata Davida haholo,+ Jonathane a re ho Davida: “Ntate wa ka o batla hore o bolawe. Ke kopa hore hoseng o itlhokomele mme o tsamaye o yo ipata sebakeng se sireletsehileng. 3 Ke tla ya mme ke eme pela ntate wa ka naheng moo o tla beng o le teng. Ke tla o buella ho ntate wa ka mme haeba ho ena le seo ke se utlwang, ke tla o bolella sona.”+

4 Ka hoo, Jonathane a bua hantle ka Davida+ ho ntate wa hae Saule a re: “Morena o se ke wa sitelwa mohlanka wa hao Davida hobane ha a o sitelwa ebile dintho tseo a o etseditseng tsona di o tswetse molemo. 5 O ile a beha bophelo ba hae kotsing hore a bolaye Mofilista*+ mme Jehova a pholosa* Baiseraele bohle. O ile wa bona ha seo se etsahala mme wa thaba haholo. Jwale ke hobaneng ha o batla ho bolaya Davida ntle ho lebaka ebe o etsa sebe ka ho bolaya motho ya se nang molato?”+ 6 Saule a mamela Jonathane mme Saule a hlapanya a re: “Ke hlapanya ka Jehova Modimo ya phelang hore a ke ke a bolawa.” 7 Ka mora moo, Jonathane a bitsa Davida mme a mo bolella dintho tsena tsohle. Yaba Jonathane o tlisa Davida ho Saule mme a nna a mo sebeletsa jwalo ka pele.+

8 Ka mora nako ha boela ha eba le ntwa. Ka hoo, Davida a tswa a yo lwantsha Bafilista mme a ba bolaya ka bongata yaba ba a mo baleha.

9 Moya o mobe o tswang ho Jehova wa eba hodima Saule+ ha a ntse a dutse ka tlung ya hae a tshwere lerumo la hae mme Davida a ntse a letsa mmino ka harepa.+ 10 Saule a leka ho hlabella Davida leboteng ka lerumo empa Davida a qoba yaba Saule o hlaba lebota. Davida a baleha bosiung boo. 11 Ha morao Saule a romela baromuwa ntlong ya Davida hore ba e lebele mme ba mo bolaye hoseng+ empa Mikale mosadi wa Davida a re ho yena: “Haeba o sa balehe bosiung bona, hosane o tla tsoha o shwele.” 12 Hanghang Mikale a ntsha Davida ka fensetere e le hore a balehe. 13 Mikale a nka setshwantsho sa terafime* a se beha betheng, a se samela lesela le entsweng ka boya ba podi yaba o se kwahela ka seaparo.

14 Saule a romela baromuwa hore ba late Davida empa Mikale a re: “O a kula.” 15 Saule a romela baromuwa bao hape hore ba ye ho Davida, a re ho bona: “Mo kakaseng ka bethe ya hae le mo tlise ho nna hore a tlo bolawa.”+ 16 Ha baromuwa ba kena, ba fumana ho ena le setshwantsho sa terafime* betheng se sametsweng lesela le entsweng ka boya ba podi. 17 Saule a re ho Mikale: “Ke hobaneng ha o nqhekeletse ka tsela ee mme o tlohetse sera+ sa ka hore se balehe?” Mikale a re ho Saule: “O ile a re ho nna, ‘Ntlohele ke balehe ho seng jwalo ke tla o bolaya.’”

18 Davida o ne a balehetse Rama ho Samuele.+ A mo bolella dintho tsohle tseo Saule a mo entseng tsona. Yaba o tsamaya le Samuele ba yo dula Najothe.+ 19 Ka mora nako, Saule a bolellwa hore Davida o Najothe e Rama. 20 Hanghang Saule a romela baromuwa hore ba yo tshwara Davida. Ha ba bona baprofeta ba hodileng ba profeta mme Samuele a eme e le moetapele wa bona, moya wa Modimo wa theohela ho baromuwa ba Saule mme le bona ba qala ho itshwara jwalo ka baprofeta.

21 Ha ba bolella Saule ka taba eo, hanghang a romela baromuwa ba bang mme le bona ba qala ho itshwara jwalo ka baprofeta. Saule a romela baromuwa ba bang e leng sehlopha sa boraro mme le bona ba qala ho itshwara jwalo ka baprofeta. 22 Qetellong le yena a ya Rama. Ha a fihla sedibeng se seholo se Seku a re: “Samuele le Davida ba hokae?” Yaba ba re: “Ba mane Najothe+ e Rama.” 23 Ha Saule a le tseleng a tloha moo a ya Najothe e Rama, le yena moya wa Modimo wa theohela hodima hae yaba o tsamaya a itshwere jwalo ka moprofeta ho fihlela a fihla Najothe e Rama. 24 Le yena a hlobola diaparo tsa hae, a itshwara jwalo ka moprofeta ka pela Samuele mme a paqama moo a hlobotse* letsatsi leo lohle le bosiu boo bohle. Ke ka lebaka leo ba reng: “Na Saule le yena ke e mong wa baprofeta?”+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share