Buka ya Bobedi ya Samuele
1 Ka mora lefu la Saule ha Davida a tswa hlola* Baamaleke, o ile a dula Ziklage+ matsatsi a mabedi. 2 Ka letsatsi la boraro, ha tla mohlankana e mong ya tswang ho Saule ntweng, diaparo tsa hae di tabohile ebile a le mobu hloohong. Ha a atamela ho Davida, a kgumama yaba o inamela fatshe.
3 Davida a re ho yena: “O tswa hokae?” Mohlankana eo a re: “Ke phonyohile masoleng a Iseraele.” 4 Davida a re ho yena: “Ke kopa o mpolelle hore na ho etsahetseng.” Yaba mohlankana eo o re: “Batho ba balehile ntweng mme batho ba bangata ba shwele. Esita le Saule le mora wa hae Jonathane ba shwele.”+ 5 Davida a botsa mohlankana eo ya neng a mo tliseditse ditaba a re: “O tseba jwang hore Saule le mora wa hae Jonathane ba shwele?” 6 Mohlankana eo a re: “Ha ke le Thabeng ya Gilboa,+ ka tshohanyetso ke ile ka bona Saule a itshetlehile ka lerumo la hae mme dikariki tsa ntwa le bapalami ba dipere ba ne ba se ba mo fumane.+ 7 Ha a hetla mme a mpona, o ile a mpitsa mme ka re, ‘Ke nna enwa.’ 8 A re ho nna, ‘O mang?’ Yaba ke re ho yena, ‘Ke Moamaleke.’+ 9 Saule a re, ‘Ke kopa o eme hodima ka mme o mpolaye ka ha ke a opelwa hobane ke ntse ke phela.’ 10 Ka hoo, ke ile ka ema hodima hae mme ka mo bolaya+ hobane ke ne ke tseba hore o ne a ke ke a phela ka mora hore a wele fatshe a lemetse hakaalo. Yaba ke nka korone e neng e le hloohong ya hae le sefaha se neng se le letsohong la hae mme ka di tlisa mona ho wena morenaka.”
11 Yaba Davida o tabola diaparo tsa hae mme le banna bohle ba neng ba ena le yena ba tabola tsa bona. 12 Ba ile ba lla ha bohloko mme ba itima dijo+ ho fihlela mantsiboya. Ba ne ba llela Saule, mora wa hae Jonathane le setjhaba sa Jehova e leng Baiseraele ba bangata+ hobane ba ne ba bolailwe ka sabole.
13 Davida a botsa mohlankana eo ya neng a mo tliseditse ditaba a re: “O tswa hokae?” A re: “Ke mora wa moditjhaba, Moamaleke.” 14 Yaba Davida o re ho yena: “Ke hobaneng ha o sa ka wa tshaba ho bolaya motlotsuwa wa Jehova?”+ 15 Davida a bitsa e mong wa bahlanka ba hae a re: “Atamela mme o mo hlabe.” Ka hoo, a mo hlaba mme a shwa.+ 16 Davida o ne a itse ho yena: “O tla ikarabella bakeng sa lefu la hao hobane o fane ka bopaki ka molomo wa hao wa re, ‘Ke nna ya bolaileng motlotsuwa wa Jehova.’”+
17 Yaba Davida o bina pina ena ya kodiyamalla* ka lebaka la Saule le mora wa hae Jonathane+ 18 mme a re setjhaba sa Juda se rutwe pina eo e bitswang “Seqha” e ngotsweng bukeng ya Jashare:+
19 “Wena Iseraele, botle bo bolailwe hodima dibaka tsa hao tse phahameng.+
Bona ka moo ho shweleng banna ba matla ka teng!
20 Le se ke la bolela sena Gathe,+
Le se ke la se bolela diterateng tsa Ashkelone
Ka ha baradi ba Bafilista ba tla thaba
Le baradi ba banna ba sa bollang ba nyakalle.
Ho se ke ha eba le phoka kapa pula hodima lona,
Ho se ke ha eba le masimo a hlahisang menehelo e halalelang+
Hobane thebe ya ba matla e ile ya silafatswa moo,
Thebe ya Saule ha e sa tlotsitswe ka oli.
22 Seqha sa Jonathane ha se a ka sa kgutla+ mading a ba bolailweng
Le mafureng a ba matla
Le sabole ya Saule e ne e sa kgutle e sa atleha.+
23 Saule le Jonathane+ ba ne ba ratwa haholo ha ba ntse ba phela
Le lefung la bona ha ba a ka ba arohanngwa.+
24 Lona baradi ba Iseraele, llelang Saule,
Ya ileng a le apesa diaparo tse kgubedu* le tse nang le mokgabiso,
Ya ileng a beha mekgabiso ya kgauta hodima diaparo tsa lona.
25 Bona ka moo ho bolailweng banna ba matla ka teng ntweng!
Jonathane o bolaetswe dibakeng tsa hao tse phahameng.+
Lerato leo o neng o nthata ka lona, le ne le feta lerato la basadi.+
27 Bona ka moo ba matla ba bolailweng ka teng
Le ka moo dibetsa tsa ntwa di senyehileng ka teng!”