Ezekiele
46 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Keiti ya lebala le ka hare e shebileng botjhabela+ e lokela ho dula e kwetswe+ ka matsatsi a tsheletseng ao ho sebetswang ka ona+ empa e lokela ho bulwa ka letsatsi la Sabatha le ka letsatsi la mokete wa ha kgwedi e qala. 2 Kgosana e tla kena ka tsela ya foranta ya keiti+ e tswa ka ntle ebe e ema pela dikosene tsa keiti. Baprista ba fane ka nyehelo ya kgosana ya setjheso e feletseng le mahlabelo a yona a kopanetsweng mme e kgumame monyako wa keiti ebe e a tswa. Keiti ha e a lokela ho kwalwa ho fihlela mantsiboya. 3 Batho ba naha le bona ba tla kgumama ka pela Jehova monyako wa keiti ka Disabatha le ka mekete ya ha kgwedi e qala.+
4 Nyehelo ya setjheso e feletseng eo kgosana e tla e tlisa ho Jehova ka letsatsi la Sabatha e lokela ho ba ya dikonyana tse tona tse tsheletseng tse phetseng hantle le ramo e phetseng hantle.+ 5 Nyehelo ya dijo e tla ba dilithara tse 22* bakeng sa ramo le ntho e nngwe le e nngwe eo a kgonang ho fana ka yona bakeng sa dikonyana tse tona ha mmoho le dilithara tse tharo le halofo* tsa oli tse ntshwang le dilithara tse 22* tsa nyehelo ya dijo.+ 6 Letsatsing la mokete wa ha kgwedi e qala, nyehelo e tla etswa ka pohwana e tswang mohlapeng, dikonyana tse tsheletseng tse tona le ramo. Kaofela ha tsona e lokela ho ba tse phetseng hantle.+ 7 Kgosana e lokela ho fana ka dilithara tse 22* tsa nyehelo ya dijo bakeng sa pohwana, dilithara tse 22* bakeng sa ramo le ntho le ha e le efe eo e kgonang ho e ntsha bakeng sa dikonyana tse tona. E boetse e lokela ho ntsha dilithara tse tharo le halofo tsa oli tse ntshwang le dilithara tse 22 tsa nyehelo ya dijo.
8 Ha kgosana e kena, e lokela ho kena ka tsela ya foranta ya keiti e be e tswe ka yona.+ 9 Nakong ya mekete ha batho ba naha ba tla ka pela Jehova,+ ba tlileng ho tla mo rapela ba kenang ka keiti e ka leboya+ ba lokela ho tswa ka keiti e ka borwa+ mme ba keneng ka keiti e ka borwa ba tswe ka keiti e ka leboya. Ha ho na motho ya lokelang ho tswa ka keiti eo a keneng ka yona empa o lokela ho tswa ka keiti e shebaneng le eo a keneng ka yona. 10 Kgosana e nang le bona e lokela ho kena ha ba kena mme e tswe ha ba tswa. 11 Meketeng le ka dinako tsa mekete, nyehelo ya dijo e lokela ho ba dilithara tse 22* bakeng sa pohwana, dilithara tse 22* bakeng sa ramo le ntho le ha e le efe eo e kgonang ho e ntsha bakeng sa dikonyana tse tona ha mmoho le dilithara tse tharo le halofo* tsa oli tse ntshwang le dilithara tse 22 tsa nyehelo ya dijo.+
12 Haeba kgosana e fa Jehova nyehelo ya setjheso e feletseng+ kapa mahlabelo a kopanetsweng e le nyehelo ya boithaopo, e tla bulelwa keiti e shebileng ka botjhabela. E tla fana ka nyehelo ya yona ya setjheso e feletseng le mahlabelo a yona a kopanetsweng feela jwalo ka ha e etsa ka letsatsi la Sabatha.+ Ka mora hore kgosana e tswe, keiti e lokela ho kwalwa.+
13 Letsatsi le leng le le leng, o lokela ho fa Jehova konyana e tona e phetseng hantle e nang le selemo e le nyehelo ya setjheso e feletseng.+ O etse sena hoseng ho hong le ho hong. 14 E tliswe le hoseng ho hong le ho hong le dilithara tse ka bang 13* tsa nyehelo ya dijo* le oli e ka hodimonyana ho lithara e le nngwe* e tla fafatswa hodima phofo e sitsweng hantle e le nyehelo ya dijo ya ka mehla bakeng sa Jehova. Ona ke molao o tla dula o le teng. 15 Ba fane ka konyana e tona, nyehelo ya dijo le oli hoseng ho hong le ho hong e le nyehelo ya setjheso e feletseng ya ka mehla.’
16 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Haeba kgosana e fa e mong le e mong wa bara ba yona sebaka e le mpho, sebaka seo e tla ba sa bara ba yona. Ke lefa la bona. 17 Empa haeba e fa e mong wa bahlanka ba yona sebaka e le lefa, e tla ba sa hae ho fihlela ka selemo sa tokoloho+ ebe ka mora moo se kgutlela ho kgosana. Ke lefa la bana ba yona feela le tla dula e le la bona. 18 Kgosana ha e a lokela ho nkela batho lefa la bona ka ho ba qobella hore ba tlohe dibakeng tsa bona. E lokela ho fa bara ba yona lefa ho tswa dibakeng tsa yona e le hore ho se ke ha eba le motho ya lelekwang sebakeng sa hae.’”
19 A ntlisa ka tsela e kenang+ e pela keiti e yang dikamoreng* tsa ho jela tse halalelang tsa baprista tse neng di shebile ka leboya,+ ka mora tsona ke ile ka bona sebaka ka bophirimela. 20 O ile a re ho nna: “Sena ke sebaka seo baprista ba tla bedisetsa nyehelo ya molato le nyehelo ya sebe ba be ba bake le nyehelo ya dijo ho sona+ e le hore ba se ke ba nka letho ha ba ya lebaleng le ka ntle yaba ba fetisetsa ho halalela* ho setjhaba.”+
21 O ile a ntlisa lebaleng le ka ntle yaba o mphetisa dikhoneng tse nne tsa lebala, ke ile ka bona lebala dikhoneng tsohle tsa lebala le ka ntle. 22 Dikhoneng tse nne tsa lebala ho ne ho ena le mabala a manyenyane a bolelele ba dimithara tse ka bang 21* le bophara ba dimithara tse ka bang 16.* Kaofela ha ona a le mane a ne a lekana.* 23 Ho ne ho ena le dithala* ho potoloha mabala ao a mane mme tlasa tsona ho ne ho hahilwe dibaka tseo ho bedisetswang dinyehelo ho tsona. 24 A re ho nna: “Batho ba sebetsang tempeleng ba bedisetsa mahlabelo a tswang ho setjhaba matlong ana.”+