LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Ezekiele 42
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

Kakaretso ya Ezekiele

      • Dikamore tsa ho jela (1-14)

      • Mahlakore a mane a tempele a a methwa (15-20)

Ezekiele 42:1

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 40:2
  • +Eze 42:13
  • +Eze 41:12, 15

Ezekiele 42:2

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “ditswe tse 100.” Mona ho buuwa ka ditswe tse telele. Sheba Ntlha ya B14.

  • *

    Ka Seheberu: “ditswe tse 50.”

Ezekiele 42:3

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “ditswe tse 20.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 41:10

Ezekiele 42:4

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “dikamore.”

  • *

    Ka Seheberu: “ditswe tse leshome.”

  • *

    Ho ya ka Septuagint ya Segerike, ke “bolelele ba ditswe tse 100.” Ka Seheberu mantswe ana a re: “Tsela e ka etsang setswe se le seng.” Sheba Ntlha ya B14.

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 42:10, 11

Ezekiele 42:7

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “ditswe tse 50.”

Ezekiele 42:8

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “ditswe tse 50.”

  • *

    Ka Seheberu: “ditswe tse 100.”

Ezekiele 42:10

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “tse bophara ba.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 41:12; 42:1

Ezekiele 42:11

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 42:4

Ezekiele 42:12

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 42:9

Ezekiele 42:13

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 42:1
  • +Le 6:14, 16; 7:1, 6; 10:12, 13; 24:8, 9; Nu 18:10; Eze 40:46
  • +Le 2:3; Nu 18:9; Ne 13:5

Ezekiele 42:14

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 28:40; 29:8, 9; Le 8:13; Eze 44:19

Ezekiele 42:15

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “ntlo e ka hare.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 40:6

Ezekiele 42:16

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Sheba Ntlha ya B14.

Ezekiele 42:20

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 40:5
  • +Eze 45:1, 2
  • +Le 10:10; Eze 44:23; 2Ko 6:17

Indexes

  • Research Guide

    Borapedi ba Nnete, maq. 149-150, 152, 156

Diphetolelo Tse Ding

Penya temana e le hore o bone ditemana tse tsamaisanang le yona.

Tse Ding

Ezek. 42:1Eze 40:2
Ezek. 42:1Eze 42:13
Ezek. 42:1Eze 41:12, 15
Ezek. 42:3Eze 41:10
Ezek. 42:4Eze 42:10, 11
Ezek. 42:10Eze 41:12; 42:1
Ezek. 42:11Eze 42:4
Ezek. 42:12Eze 42:9
Ezek. 42:13Eze 42:1
Ezek. 42:13Le 6:14, 16; 7:1, 6; 10:12, 13; 24:8, 9; Nu 18:10; Eze 40:46
Ezek. 42:13Le 2:3; Nu 18:9; Ne 13:5
Ezek. 42:14Ex 28:40; 29:8, 9; Le 8:13; Eze 44:19
Ezek. 42:15Eze 40:6
Ezek. 42:20Eze 40:5
Ezek. 42:20Eze 45:1, 2
Ezek. 42:20Le 10:10; Eze 44:23; 2Ko 6:17
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
  • E bale ka phetolelo ena Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Ezekiele 42:1-20

Ezekiele

42 Ka mora moo, a nkisa lebaleng le ka ntle le ka leboya.+ A nkisa mohahong wa dikamore tsa ho jela o pela sebaka se bulehileng,+ o ka leboya pela mohaho.+ 2 Bolelele ba monyako wa wona o ka leboya e ne e le dimithara tse ka bang 52* le bophara ba dimithara tse ka bang 26.* 3 O ne o le dipakeng tsa lebala le katilweng ka majwe le ka ntle le lebala le ka hare le neng le le bophara ba dimithara tse ka bang leshome.*+ Diphaseje tsa wona di ne di shebane ebile o ena le mekato e meraro e yang hodimo. 4 Ka pela dikamore tsa ho jela* ho ne ho ena le tsela e ka hare+ e bophara ba dimithara tse ka bang hlano* le bolelele ba dimithara tse ka bang 52,* menyako ya tsona e ne e le ka leboya. 5 Dikamore tsa ho jela tse mokatong o ka hodimo di ne di le nyenyane ho feta tse mokatong o mahareng le o ka tlase hobane diphaseje di ne di nkile sebaka se seholo. 6 Di ne di le mekatong e meraro empa di ne di sa tshwane le mabala hobane di ne di se na dipilara. Ka lebaka leo, di ne di se na sebaka se seholo se jwalo ka se mokatong o mahareng le o ka tlase.

7 Lerako le ka ntle le entsweng ka majwe, le pela dikamore tsa ho jela tse haufi le lebala le ka ntle le shebaneng le dikamore tse ding tsa ho jela, le ne le le bolelele ba dimithara tse ka bang 26.* 8 Bolelele ba dikamore tsa ho jela tse neng di le haufi le lebala le ka ntle e ne e le dimithara tse ka bang 26* empa tse shebaneng le sehalalelo e le dimithara tse ka bang 52.* 9 Ho ne ho ena le tsela e ka botjhabela e kenang ka dikamoreng tsa ho jela, e hlaha lebaleng le ka ntle.

10 Ho ne ho boetse ho ena le dikamore tsa ho jela ka hara* lerako la majwe le lebaleng ho elella ka botjhabela, pela mohaho le sebaka se bulehileng.+ 11 Ho ne ho ena le tsela ka pela tsona e tshwanang le e ka dikamoreng tsa ho jela tse ka leboya.+ Di ne di lekana ka bolelele le bophara, di ena le menyako ya ho tswa e tshwanang ebile di entswe ka tsela e tshwanang. Menyako ya tsona 12 e ne e le jwalo ka ya dikamore tsa ho jela tse neng di le lehlakoreng le ka borwa. Ho ne ho ena le monyako moo tsela e qalang teng pela lerako la majwe le ka botjhabela, motho o ne a ka kgona ho kena ka yona.+

13 O ile a re ho nna: “Dikamore tsa ho jela tse ka leboya le tse ka borwa tse pela sebaka se bulehileng+ ke dikamore tsa ho jela tse halalelang, tseo baprista ba tlang ka pela Jehova ba jellang dinyehelo tse halalelang ka ho fetisisa ho tsona.+ Ke moo ba behang dinyehelo tse halalelang ka ho fetisisa e leng nyehelo ya dijo,* nyehelo ya sebe le nyehelo ya molato hobane sebaka seo se a halalela.+ 14 Ha baprista ba kena, ha ba a lokela ho tswa sebakeng se halalelang ho ya lebaleng le ka ntle pele ba hlobola diaparo tseo ba sebetsang ka tsona+ hobane di a halalela. Ba lokela ho apara diaparo tse ding ha ba ya dibakeng tseo batho ba bang ba dumeletsweng ho ya ho tsona.”

15 Ha a qeta ho metha karolo e ka hare ya tempele,* a tswa le nna ka keiti e shebileng ka botjhabela+ yaba o metha sebaka seo kaofela.

16 O ile a metha lehlakore le ka botjhabela ka thupa e methang.* Bolelele ba lona e ne e le dithupa tse methang tse 500 ho tloha lehlakoreng lena ho ya ho le ka nqane.

17 O ile a metha lehlakore le ka leboya mme ho ya ka thupa e methang, bolelele ba lona e ne e le dithupa tse methang tse 500.

18 O ile a metha lehlakore le ka borwa mme ho ya ka thupa e methang, bolelele ba lona e ne e le dithupa tse methang tse 500.

19 O ile a potoloha a ya ka lehlakoreng le ka bophirimela. A le metha mme bolelele ba lona e ne e le dithupa tse methang tse 500.

20 O ile a metha mahlakore a mane a sebaka seo. Se ne se ena le lerako ho potoloha,+ le neng le le bolelele ba dithupa tse methang tse 500 le bophara ba dithupa tse methang tse 500,+ le ne le arola sebaka se halalelang le se sa halaleleng.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share