Esaia
60 “Tsoha, wena Jerusalema,*+ kgantsha lesedi ka ha lesedi la hao le tlile.
Kganya ya Jehova e kganya hodima hao.+
2 Lefifi le tla kwahela lefatshe,
Lefifi le letsholetsho le kwahele ditjhaba.
Empa Jehova o tla kganya hodima hao,
Kganya ya hae e tla bonwa ho wena.
4 Phahamisa mahlo mme o shebe hohle ho o potoloha.
Bara ba hao ba ntse ba tla ba tswa hole+
Le baradi ba hao ba pepilweng.
Kaofela ha bona ba phuthehile, ba tla ho wena.+
5 Ka nako eo, o tla bona mme o thabe.+
Pelo ya hao e tla nyakalla mme e tlale thabo
Ka ha maruo a lewatle a tla lebiswa ho wena,
Maruo a ditjhaba a tle ho wena.+
Bohle ba tswang Sheba ba tla tla.
Ba tla nka kgauta le dibano tse tshweu,
Ba phatlalatse dithoriso tsa Jehova.+
7 Mehlape yohle ya Kedare+ e tla phuthwa, e tliswe ho wena.
Diramo tsa Nebajothe+ di tla o sebeletsa.
9 Baahi ba dihlekehleke ba tla ntshepa+
Le dikepe tsa Tarshishe di ka pele*
Hore di tlise bana ba hao ba tswang hole+
Ha mmoho le silevera le kgauta ya bona
E le hore ba rorise lebitso la Jehova Modimo wa hao, Mohalaledi wa Iseraele
Ke ile ka o otla hobane ke halefile
Empa ke tla o hauhela hobane ke o rata.+
11 Dikeiti tsa hao di tla dula di butswe.+
Di ke ke tsa kwalwa motshehare kapa bosiu
E le hore o tlisetswe maruo a ditjhaba
Mme marena a ditjhaba a tla ba ka pele.+
12 Setjhaba le mmuso le ha e le ofe o ke keng wa o sebeletsa o tla timela
Ebile ditjhaba di tla ripitlwa hampe.+
13 Kganya ya Lebanone e tla tla ho wena+
Ha mmoho le sefate sa junipere, sefate sa molora* le sa kiprese,+
Bakeng sa ho kgabisa tempele ya ka.
Ke tla tlotlisa sebaka sa maoto a ka.+
14 Bara ba batho ba ileng ba o hlorisa ba tla tla mme ba o inamele.
Bohle ba o tellang ba lokela ho kgumama maotong a hao,
Ba tla lokela ho o bitsa motse wa Jehova,
Sione ya Mohalaledi wa Iseraele.+
15 Ho ena le hore o sale o lahlilwe kgerehlwa mme o hlouwe, ho se motho ya o fapohelang,+
Ke tla etsa hore o roriswe ka ho sa feleng,
O be mohlodi wa thabo melokong yohle.+
16 O tla nwa lebese la ditjhaba,+
O tla fela o tsebe hore nna Jehova, ke Mopholosi wa hao,
Ya Matla wa Jakobo ke Molopolli wa hao.+
17 Ke tla tlisa kgauta ho ena le koporo,
Ke tlise silevera ho ena le tshepe.
Ke tla tlisa koporo ho ena le lehong,
Ke tlise tshepe ho ena le majwe.
Ke tla beha kgotso hore e be molebedi wa hao
Le ho loka hore ho o abele mosebetsi.+
O tla bitsa marako a hao Poloko+ le dikeiti tsa hao Thoriso.
19 Letsatsi ha e sa tla hlola e eba lesedi la hao motshehare,
Kganya ya kgwedi ha e sa tla hlola e o fa lesedi.
20 Letsatsi la hao ha le sa tla hlola le dikela
Kapa kgwedi ya hao e fifale
Hobane Jehova e tla ba lesedi le sa feleng bakeng sa hao+
Mme matsatsi a hao a ho utlwa bohloko a tla be a fedile.+
21 Batho ba hao kaofela e tla ba ba lokileng.
Ba tla rua naha ho ya ho ile.
22 E monyenyane o tla fetoha ba sekete,
Ya fokolang e be setjhaba se matla.
Nna Jehova, ke tla ho potlakisa ka nako ya teng.”