Mikea
7 Ke hlomola pelo. Ke tshwana le motho
Eo ka mora hore ho bokellwe ditholwana tsa lehlabula
Le eo ka mora hore ho thonakwe morara o setseng ka mora hore ho kotulwe,
A sa fumaneng morara oo a ka o jang
Ebile a sa fumane le feie* e monate eo a e lakatsang.
2 Ya tshepahalang o fedisitswe lefatsheng.
Ha ho na ya etsang dintho tse nepahetseng hara batho.+
Kaofela ha bona ba a ipata hore ba kgaoletse batho, ba ba bolaye.+
E mong le e mong o tsoma ngwanabo ka letlowa le hulwang.
3 Ba tseba ho etsa dintho tse mpe.+
Kgosana e batla ho fuwa dimpho,
Moahlodi o kopa moputso,+
Motho ya tummeng o a bua hore na o batlang+
Ebe ba tla ka maqheka ba le mmoho.
4 Ya molemo ho ba feta o jwalo ka meutlwa,
Ya lokileng ka ho fetisisa hara bona o kotsi ho feta dihlahla tse meutlwa.
Letsatsi leo molebedi wa hao a buileng ka lona le letsatsi la hao la kahlolo
O ele hloko seo o se buang ho molekane wa hao.
6 Ka ha mora o tella ntate wa hae,
Moradi o lwantsha mme wa hae+
Le ngwetsi e lwantsha matsale wa yona.+
Motho o hlouwa ke ba lelapa la hae.+
7 Empa ha e le nna, ke tla dula ke letetse Jehova.+
Ke tla ba le mamello,* ke letele Modimo wa ka ya mpholosang.+
Modimo wa ka o tla nkutlwa.+
8 Sera sa ka, o se ke wa ntsheha.
Le hoja ke wele, ke tla ema.
Le hoja ke dula lefifing, Jehova e tla ba lesedi la ka.
Ke tla bo mamella ho fihlela a buella nyewe ya ka mme ke ahlolwa ka toka.
O tla ntlisa leseding.
Ke tla bona ka moo a lokileng ka teng.
10 Sera sa ka le sona se tla bona seo.
Ya ileng a re ho nna: “O kae Jehova Modimo wa hao?”+
O tla hlajwa ke dihlong.
Ke tla sheba sera sa ka.
Se tla hatakelwa jwalo ka seretse seterateng.
11 E tla ba letsatsi la hore le hahe marako a lona a majwe.
Letsatsing leo, moedi wa naha ya lona o tla eketswa.*
12 Letsatsing leo, ba tla tla ho lona
Ho tswa Asiria le metseng ya Egepeta,
Ho tswa Egepeta ho ya fihla Nokeng.*
Ho tloha lewatleng le leng ho ya ho le leng le ho tloha thabeng e nngwe ho ya ho e nngwe.+
13 Naha e tla sala e se na baahi ka lebaka la batho ba dulang ho yona,
Ka lebaka la seo ba se entseng.*
14 Modimo, disa batho ba hao ka lere la hao e leng mohlape wa hao,*+
O neng o dula o le moo morung hara difate tsa ditholwana.
O ke o fule Bashane le Gileade+ jwalo ka mehleng ya kgale.
16 Ditjhaba di tla bona mme di hlajwe ke dihlong le hoja di le matla.+
Di tla beha matsoho melomong.
Ditsebe tsa tsona di tla thibana.
17 Di tla nyeka lerole jwalo ka dinoha,*+
Di tswe dibakeng tsa tsona tse sireletsehileng di thothomela jwalo ka dihahabi.
Di tla tla ho Jehova Modimo wa rona di tshohile
Ebile di mo tshaba.”+
18 Na o teng Modimo ya tshwanang le wena,
Ya tshwarelang diphoso le ya lebalang melato+ ya ba setseng ba setjhaba sa Iseraele?+
19 O tla boela a re hauhele+ mme a hlole* diphoso tsa rona jwalo ka dira.
O tla lahlela dibe tsohle tsa bona botebong ba lewatle.+