Genese
9 Modimo a hlohonolofatsa Noe le bara ba hae mme a re ho bona: “Atang le ngatafale mme le tlale lefatshe.+ 2 Diphoofolo tsohle tse phelang lefatsheng, dibopuwa tse fofang, diphoofolo tsohle tse hahabang le ditlhapi tsohle tsa lewatle di tla le tshaba. Ke le fa tsona hore le di laole.+ 3 Diphoofolo tsohle tse phelang e tla ba dijo tsa lona.+ Ke le fa tsona feela jwalo ka ha ke le file dimela tse tala.+ 4 Empa le se ke la ja nama e ntseng e ena le madi, e leng bophelo ba yona.+ 5 Hape ke tla fa motho e mong le e mong ya le bolayang kotlo. Haeba le bolawa ke phoofolo efe kapa efe, phoofolo eo e lokela ho bolawa. Athe motho ofe kapa ofe ya bolayang ngwanabo ke tla mo fa kotlo.+ 6 Mang kapa mang ya bolayang motho* le yena o tla bolawa+ hobane Modimo o entse motho a tshwana le yena.+ 7 Lona atang le ngatafale mme le tlale lefatshe.”+
8 Modimo a re ho Noe le bara ba hae: 9 “Ke etsa selekane le lona+ le ditloholo tsa lona, 10 le dibopuwa tsohle tse nang le lona, dinonyana, diphoofolo le dibopuwa tsohle tse phelang lefatsheng, tse tswileng ka arekeng le lona.+ 11 Ke etsa selekane le lona hore ha ke sa tla hlola ke fedisa batho le diphoofolo* ka morwallo mme ha ke sa tla hlola ke fedisa lefatshe ka morwallo.”+
12 Modimo a boela a re: “Lena ke letshwao la selekane seo ke se etsang le lona le dibopuwa tsohle tse nang le lona mme se tla dula se le teng le melokong yohle e tla latela. 13 Ke beha mookodi wa ka marung mme e tla ba letshwao la selekane seo ke se entseng le dintho tsohle tse lefatsheng. 14 Neng kapa neng ha ke etsa hore ho be le maru, mookodi o tla hlaha ho ona. 15 Ke tla hopola selekane sa ka seo ke se entseng le lona le dibopuwa tsa mefuta yohle mme metsi e ke ke ya hlola e eba morwallo o tla fedisa batho le diphoofolo.+ 16 Ho tla ba le mookodi marung. Ke tla o bona mme ke hopole selekane se sa feleng seo ke se entseng le dibopuwa tsa mefuta yohle tse lefatsheng.”
17 Modimo a boela a bua le Noe a re: “Lena ke letshwao la selekane seo ke se etsang le batho le diphoofolo tsohle tse lefatsheng.”+
18 Bara ba Noe ba tswileng ka arekeng ke Sema, Kama le Jafeta.+ Ha morao Kama a ba le mora ya bitswang Kanana.+ 19 Bana ke bara ba Noe ba bararo mme batho bohle ba phelang dikarolong tse fapaneng tsa lefatshe ba tswa ho bona.+
20 Noe ya eba molemi mme a lema serapa sa morara. 21 Ka letsatsi le leng a nwa veine, a tahwa yaba o hlobola diaparo tsa hae a le ka tenteng ya hae. 22 Kama ntate wa Kanana, a bonela ntate wa hae mme a bolella bana babo ba babedi ba neng ba le ka ntle. 23 Sema le Jafeta ba nka seaparo, ba se beha mahetleng a bona mme ba kena ka tenteng ba tjhetjha. Ba kwahela ntate wa bona ba shebile ka thoko. Ha ba a ka ba bonela ntate wa bona.
24 Ha Noe a hlaphohelwa mme a utlwa hore na mora wa hae e monyenyane o mo entseng, 25 a re:
“Kanana a ke a rohakwe.+
E ke e be lekgoba le tlasetlase la bana babo.”+
26 A boela a re:
“Ho roriswe Jehova, Modimo wa Sema,
Kanana e ke e be lekgoba la hae.+
27 Modimo a ke a fe Jafeta naha e kgolo,
A dule ditenteng tsa Sema.
Kanana e ke e be lekgoba la hae.”
28 Noe a phela dilemo tse 350 ka mora Morwallo.+ 29 Noe o phetse dilemo tse 950 yaba o a shwa.