Ho Baheberu
1 Mehleng ya kgale Modimo o ile a bua le baholoholo ba rona ka makgetlo a mangata a sebedisa baprofeta le ditsela tse ding tse ngata.+ 2 Qetellong ya matsatsi ana, o buile le rona a sebedisa Mora+ eo a mo kgethileng hore e be mojalefa wa dintho tsohle+ le eo a mo sebedisitseng ho bopa dintho tsohle.*+ 3 O bonahatsa kganya ya Modimo+ ebile o tshwana le yena hantle.+ O etsa hore dintho tsohle di dule di le teng ka matla a lentswe la hae. Ka mora hore a re hlwekise dibe,+ o ile a dula ka letsohong le letona la Modimo e Moholo ya hodimodimo.+ 4 O moholo ho feta mangeloi+ hobane o fuwe lebitso le hlomphehang ho a feta.+
5 Mohlala, ke lengeloi lefe leo Modimo a kileng a re ho lona: “O mora wa ka, ho tloha kajeno ke ntate wa hao”?+ kapa a re: “Ke tla ba ntate wa hae mme yena e tla ba mora wa ka”?+ 6 Empa ha Modimo a tlisa Letsibolo+ la hae lefatsheng hape, o re: “Mangeloi ohle a ke a mo kgumamele.”
7 Hape o re ka mangeloi: “O etsa hore mangeloi a hae a be matla le basebeletsi ba hae+ e be lelakabe la mollo.”+ 8 Empa Modimo o re ka Mora: “Modimo o o fa matla+ a ho busa* ka ho sa feleng. Lere la Puso ya hao ke lere la toka. 9 O rata toka mme o hloile tlolo ya molao. Ke ka lebaka leo Modimo, Modimo wa hao, a o tlotsitseng+ ka oli mme a entseng hore o thabe ho feta dithaka tsa hao.”+ 10 Hape o re: “Morena, qalong o ile wa etsa metheo ya lefatshe, wa etsa mahodimo ka matsoho a hao. 11 Di tla fela empa wena o tla dula o le teng. Kaofela di tla tsofala jwalo ka seaparo. 12 O tla di phutha jwalo ka seaparo, o di fetole jwalo ka ha motho a hlobola seaparo a apara se seng. Empa wena ha o fetohe ebile o tla dula o le teng.”+
13 Ke lengeloi lefe leo Modimo a kileng a re ka lona: “Dula ka letsohong la ka le letona ho fihlela ke beha dira tsa hao tlasa maoto a hao”?+ 14 Na mangeloi ha se meya e sebeletsang Modimo?+ Modimo o a laela hore a thuse ba tla pholoswa.