Sofonia
2 Pele ho fanwa ka molao,
Pele letsatsi leo le feta kapele jwalo ka ditlhaka tse fefolwang ke moya,
Pele Jehova a le tukela ka bohale,+
Pele letsatsi la hore Jehova a le halefele le fihla,
3 Tloong ho Jehova+ lona bohle ba bonolo,*
Ba mametseng melao ya hae e lokileng.
Sebeletsang ho etsa dintho tse lokileng le hore le ikokobetse.*
Mohlomong le ka pholoha letsatsing leo Jehova a halefileng ka lona.+
Sera se tla leleka baahi ba Ashdode hara motshehare,
Ekrone e fediswe ka ho feletseng.+
Wena Kanana, naha ya Bafilista, le wena ke tla o fedisa
Hore o se hlole o eba le baahi.
6 Sebaka se haufi le lewatle se tla fetoha makgulo
A nang le didiba bakeng sa badisa le masaka a majwe bakeng sa dinku.
Mantsiboya e tla robala e phutholohile ka tlung ya Ashkelone
Hobane Jehova Modimo wa bona o tla e hlokomela,
A kgutlise batshwaruwa.+
8 Ke utlwile ditlhapa tsa Amone+ le nyefolo ya Moabe,+
Ka utlwa ha ba hlapaola setjhaba sa ka, ba ithorisetsa ho inkela naha ya sona.+
9 Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele o re: “Ke le tiisetsa ka nna Modimo ya phelang,
Moabe e tla tshwana le Sodoma,+
Amone e tshwane le Gomora,+
E be lehwatata le nang le bobatsi le sekoti sa letswai.+
Batho ba ka ba setseng ba tla ba tlatlapa
Mme ba ba nkele naha.
10 Ba tla hlahelwa ke dintho tsena hobane ba ikgohomosa,+
Ba rohaka batho ba Jehova wa mabotho ba bile ba ithorisetsa bona.
11 Ba tla utlwa ba tshaba Jehova
Hobane o tla fedisa* medimo yohle lefatsheng,
Ditjhaba tse dulang dihlekehlekeng di tla mo inamela*+
Hohle moo di leng teng.
12 Le lona Baethiopia le tla bolawa ka sabole ya ka.+
13 O tla phahamisetsa letsoho ka leboya a fedise Asiria,
A etse hore Ninive e hloke baahi,+ e be lehwatata.
14 Mehlape e tla botha moo ha mmoho le diphoofolo tsohle tse hlaha.
Dinoko le matata di tla hlola bosiu dipakeng tsa dipilara tsa yona tse weleng.
Ho tla utlwahala molodi wa dinonyana* fensetereng.
Ho tla ba le qubu ya dithole monyako
Hobane mapolanka a kedare a tla tlohelwa hore a otlwe ke metjheso le dipula.
15 Ona ke motse o neng o ikotla sefuba, o dula o sireletsehile
Ebe o re: ‘Ke nna ke nna, ha ho ya tshwanang le nna.’
Hona jwale e se e le ntho e makatsang,
Ke sebaka seo diphoofolo tse hlaha di bothang ho sona.
Batho ba fetang ka tsela ba letsa molodi ebile ba opa diatla.”+