Exoda
19 Ka kgwedi ya boraro ka mora hore Baiseraele ba tswe naheng ya Egepeta, ba fihla lefeelleng la Sinai ka letsatsi lona leo. 2 Baiseraele ba tloha Refidime+ mme ba ya lefeelleng la Sinai ba hloma ditente moo ka pela thaba.+
3 Moshe a nyolohela ho Modimo wa nnete mme Jehova a bua le yena a le thabeng+ a re: “Sena ke seo o tla se bolella ba lelapa la Jakobo le ho se bolella Baiseraele, 4 ‘Le bone seo ke se entseng ho Baegepeta+ le ka moo ke ileng ka le jara ka mapheo a dintsu mme ka le tlisa ho nna.+ 5 Haeba le tla mmamela dinthong tsohle mme le boloke selekane* sa ka, le tla ba thepa ya ka e kgethehileng* hara ditjhaba tsohle+ hobane lefatshe lohle ke la ka.+ 6 Le tla ba mmuso wa baprista le setjhaba se halalelang ho nna.’+ Ana ke mantswe ao o tla a bolella Baiseraele.”
7 Moshe a bitsa baholo ba setjhaba mme a ba bolella mantswe ana ohle ao Jehova a neng a mo laetse ona.+ 8 Ka mora moo, setjhaba sohle sa araba sa re: “Re ikemiseditse ho etsa sohle seo Jehova a se buileng.”+ Hanghang Moshe a bolella Jehova hore na setjhaba se itseng. 9 Jehova a re ho Moshe: “Ke tla ho wena ka leru le letsho e le hore setjhaba se utlwe ha ke bua le wena le hore ka mehla se tle se dumele le ho wena.” Moshe a bolella Jehova seo setjhaba se se buileng.
10 Jehova a re ho Moshe: “Eya ho setjhaba mme o se bolelle hore se itokise kajeno le hosane mme se hlatswe diaparo tsa sona. 11 Se itokisetse letsatsi la boraro hobane ka letsatsi leo Jehova o tla theohela hodima Thaba ya Sinai moo setjhaba sohle se ntseng se bona. 12 O sehele setjhaba meedi ho potoloha thaba mme o re ho sona, ‘Hlokomelang hore le se ke la nyolohela thabeng kapa la thetsa moedi wa yona. Motho ya tla thetsa thaba ena o tla bolawa. 13 Ha ho letsoho le tla thetsa motho eo empa o tla tlepetswa ka majwe kapa a hlajwe ka metsu.* Ebang ke phoofolo kapa ke motho, a ke ke a phela.’+ Empa ha setjhaba se utlwa modumo wa lenaka la ramo,+ se ka nyolohela thabeng.”
14 Moshe a theoha thabeng a ya ho setjhaba mme a qala ho hlwekisa* setjhaba yaba se hlatswa diaparo tsa sona.+ 15 A re ho setjhaba: “Itokisetseng letsatsi la boraro. Le se ke la etsa thobalano le basadi.”*
16 Ka letsatsi la boraro hoseng ha eba le diaduma le mahadima le leru le leholo+ hodima thaba le modumo o lerata haholo wa lenaka mme setjhaba sohle se diahelong sa thothomela.+ 17 Moshe a ntsha setjhaba ditenteng ho ya kopana le Modimo wa nnete mme sa dula botlaseng ba thaba. 18 Thaba ya Sinai ya kubella mosi ka hohle hobane Jehova o ne a theohetse ho yona ka mollo.+ Mosi wa yona o ne o nyoloha jwalo ka mosi wa sebopi mme thaba yohle e ne e thothomela ka matla.+ 19 Ha modumo wa lenaka o ntse o eba matla haholo, Moshe a bua mme lentswe la Modimo wa nnete la mo araba.
20 Jehova a theohela hodima Thaba ya Sinai. Jehova a bitsetsa Moshe hodima thaba yaba Moshe o a nyoloha.+ 21 Jehova a re ho Moshe: “Theoha o yo lemosa batho hore ba se ke ba leka ho atamela ho Jehova hore ba mo shebe, ho seng jwalo ba tla shwa ka bongata. 22 Baprista ba tlang ho Jehova ka mehla ba ke ba itlhwekise e le hore Jehova a se ke a ba bolaya.”+ 23 Moshe a re ho Jehova: “Setjhaba ha se kgone ho nyolohela Thabeng ya Sinai hobane o ile wa re lemosa wa re, ‘Sehang meedi ho potoloha thaba mme le e nke e halalela.’”+ 24 Jehova a re ho yena: “Theoha ebe o nyoloha hape o ena le Arone empa o se ke wa dumella baprista le batho hore ba leke ho atamela ho Jehova e le hore ke se ke ka ba bolaya.”+ 25 Moshe a theohela ho setjhaba mme a se bolella seo Modimo a se buileng.