Buka ya Bobedi ya Samuele
18 Yaba Davida o bala banna ba neng ba ena le yena mme o beha balaodi ba ba dikete le balaodi ba ba makgolo hore ba ba okamele.+ 2 Davida a romela banna ba neng ba ena le yena ka dihlopha tse tharo, molaodi wa* se seng e ne e le Joabe,+ wa se seng e le Abishai+ abuti wa Joabe mora wa Tseruja+ mme wa se seng e le Itai+ wa Mogathe. Morena a re ho banna bao: “Le nna ke tla tsamaya le lona.” 3 Empa ba re: “O se ke wa tsamaya le rona+ hobane haeba re baleha, ba ke ke ba ba le taba* le rona. Le haeba halofo ya rona e ka shwa, ba ke ke ba ba le taba le rona hobane wena o lekana le ba 10 000 ba rona.+ Ka lebaka leo, ho ka ba molemo haeba o ka romela batho ho tswa motseng hore ba tlo re thusa.” 4 Morena a re ho bona: “Ke tla etsa ntho le ha e le efe eo le bonang e le molemo.” Ka hoo, Morena a ema pela keiti ya motse mme banna bohle ba tswa ka dihlopha tsa ba makgolo le tsa ba dikete. 5 Morena a fa Joabe, Abishai le Itai taelo ena: “Le se ke la tshwara Absalome hampe molemong wa ka.”+ Banna bohle ba utlwa ha morena a fa balaodi bohle taelo ena e mabapi le Absalome.
6 Banna ba tswa ba ya naheng ho ya kopana le Baiseraele mme ba lwanela morung wa Efraime.+ 7 Bahlanka ba Davida ba hlola batho ba Iseraele moo.+ Letsatsing leo ho ile ha bolawa batho ba bangata e leng banna ba 20 000. 8 Ho ile ha eba le ntwa sebakeng seo sohle. Ho ekelletsa moo, letsatsing leo batho ba bolailweng morung ba ne ba le bangata ho feta batho ba bolailweng ka sabole.
9 Qetellong Absalome a iphumana a le ka pela bahlanka ba Davida. Absalome o ne a palame mmoulo yaba mmoulo o kena tlasa makala a teteaneng a sefate se seholo mme a sala a tshwasehile sefateng seo se seholo, a sala a leketlile moyeng* ha mmoulo oo a neng a o palame o fetela pele. 10 Motho e mong a mo bona mme a bolella Joabe+ a re: “Ke bone Absalome a leketlile sefateng se seholo.” 11 Joabe a re ho monna ya neng a mo bolella: “Ke hobaneng ha o sa mo bolaela hona moo? Hona jwale nka be ke o fa dikotwana* tsa silevera tse leshome le lebanta.” 12 Empa monna eo a re ho Joabe: “Le haeba ke ne nka fuwa* dikotwana* tsa silevera tse 1 000, ke ne nke ke ka bolaya mora wa morena hobane re ile ra utlwa ha morena a ne a laela wena, Abishai le Itai a re, ‘Le etse bonnete ba hore ha ho na motho ya tla bolaya Absalome.’+ 13 Haeba ke ne ke sa mamela yaba ke a mo bolaya,* morena o ne a tla tseba ka taba ena mme o ne o ke ke wa ntshireletsa.” 14 Yaba Joabe o re: “Ere ke tlohele ho itshenyetsa nako ka wena!” A nka metsu* e meraro, a e hlabella pelong ya Absalome a ntse a phela a leketlile sefateng se seholo. 15 Jwale bahlanka ba leshome ba neng ba jara dibetsa tsa Joabe ba fihla mme ba otla Absalome ho fihlela a shwa.+ 16 Joabe a letsa lenaka mme banna ba kgutla yaba ba tlohela ho lelekisa Baiseraele hobane Joabe o ne a itse ba emise. 17 Ba nka Absalome ba mo lahlela mokoting o moholo ka hara moru yaba ba beha majwe hodima hae, ba etsa qubu e kgolo.+ Baiseraele bohle ba balehela malapeng a bona.
18 Ha Absalome a ntse a phela, o ne a ile a iketsetsa pilara Kgohlong* ya Morena+ hobane o ne a re: “Ha ke na mora ya tla etsa hore lebitso la ka le nne le hopolwe.”+ Ka hoo, a rehella pilara eo ka yena mme e ntse e bitswa Seemahale sa Absalome ho fihlela letsatsing lena.
19 Akimaze+ mora wa Tsadoke a re: “Ke kopa o ntumelle hore ke mathe ke yo bolella morena ditaba tsena hobane Jehova o mo file toka ka ho mo lopolla ho dira tsa hae.”+ 20 Empa Joabe a re ho yena: “Ha se wena ya tla isa ditaba letsatsing lena. O ka nna wa di isa ka letsatsi le leng empa eseng kajeno hobane kajeno ho shwele mora wa morena.”+ 21 Joabe a re ho Mokushe:+ “Tsamaya o yo bolella morena seo o se boneng.” Yaba Mokushe o inamela Joabe mme o tloha moo a matha. 22 Akimaze mora wa Tsadoke a boela a re ho Joabe: “Ho sa tsotellehe se tla etsahala, ke kopa o ntumelle hore ke mathe ka mora Mokushe enwa.” Le ha ho le jwalo, Joabe a re: “Mora wa ka, ke hobaneng ha o batla ho matha empa ho se na ditaba tseo o ka di tsamaisang?” 23 Empa a nna a re: “Ho sa tsotellehe se tla etsahala, ere ke mathe.” Ka hoo, Joabe a re ho yena: “Matha!” Jwale Akimaze a matha ka tsela ya Setereke sa Jordane mme qetellong a feta Mokushe.
24 Davida o ne a dutse pakeng tsa dikeiti tse pedi tsa motse+ yaba molebedi+ o nyolohela hodima marulelo a keiti e lerakong. Ha a sheba hodimo a bona monna ya tlang a matha a le mong. 25 Ka hoo, molebedi a hweletsa a bolella morena. Yaba morena o re: “Haeba o tla a le mong, o tlisitse ditaba.” Ha a ntse a atamela haufinyane, 26 molebedi a bona monna e mong a tla a matha. Yaba o hweletsa molebedi wa keiti o re: “Bona, ho na le monna ya tlang a matha a le mong!” Morena a re: “Enwa le yena o tlisitse ditaba.” 27 Molebedi a re: “Ke a bona hore monna wa pele o matha jwalo ka Akimaze+ mora wa Tsadoke” yaba morena o re: “Ke monna ya lokileng, e tlameha ebe o tlisitse ditaba tse monate.” 28 Jwale Akimaze a hweletsa morena a re: “Dintho tsohle di hantle!” Ka mora moo, a inama ka pela morena. Yaba o re: “E se eka Jehova Modimo a ka roriswa, ya nehelaneng ka banna ba fetohetseng* morenaka!”+
29 Empa morena a re: “Na mohlankana Absalome o ntse a ya hantle?” Yaba Akimaze o re: “Ke bone moferefere ha Joabe a roma mohlanka wa morena le nna mohlanka wa hao empa ke ne ke sa tsebe hore na e ne e le wa eng.”+ 30 Ka hoo, morena a re: “Emella ka thoko, o eme mona.” Yaba o emella ka thoko mme o ema moo.
31 Jwale Mokushe a fihla+ mme a re: “E se eka morenaka a ka amohela ditaba tsena: Kajeno Jehova o phethahaditse toka ka ho o lokolla ho batho bohle ba neng ba le kgahlanong le wena.”+ 32 Empa morena a re ho Mokushe: “Na mohlankana Absalome o ntse a ya hantle?” Yaba Mokushe o re: “E se eka dira tsohle tsa morenaka le bohle ba o fetohetseng ba batlang ho o ntsha kotsi ba ka ba jwalo ka mohlankana enwa.”+
33 Taba ena ya utlwisa morena bohloko, a nyolohela kamoreng e marulelong hodima keiti yaba o a lla, o ne a tsamaya a ntse a re: “Mora wa ka Absalome, mora wa ka, mora wa ka Absalome! Hoja ebe ho shwele nna eseng wena, mora wa ka Absalome, mora wa ka!”+