Baahlodi
2 Jwale lengeloi+ la Jehova la tloha Gilgale+ la nyolohela Bokime mme la re: “Ke le ntshitse Egepeta ka le tlisa naheng eo ke e hlapanyeditseng baholoholo+ ba lona. Ho feta moo, ke ile ka re, ‘Le ka mohla nke ke ka tlola selekane sa ka le lona.+ 2 Le lona le se ke la etsa selekane le baahi ba naha ena+ mme le dihe dialetare tsa bona.’+ Empa ha le a mamela lentswe la ka.+ Ke hobaneng ha le entse tjee? 3 Ke ka lebaka leo ke ileng ka boela ka re, ‘Nke ke ka ba leleka ka pela lona,+ e tla ba leraba ho lona+ mme le tla lekeha hore le rapele medimo ya bona.’”+
4 Ha lengeloi la Jehova le se le buile mantswe ana ho Baiseraele bohle, setjhaba sa qala ho lla haholo. 5 Ka hoo, sa reha sebaka seo Bokime* mme sa etsetsa Jehova sehlabelo moo.
6 Ha Joshua a re setjhaba se tsamaye, Moiseraele e mong le e mong a ya naheng eo a e fuweng e le lefa mme a e nka.+ 7 Setjhaba sa tswela pele ho sebeletsa Jehova ha Joshua a ntse a phela le ha banna ba baholo ba ileng ba phela nako e telele ho feta Joshua ba ntse ba phela, ba boneng dintho tseo Jehova a di etseditseng Baiseraele.+ 8 Jwale Joshua mora wa Nune, mohlanka wa Jehova, a shwa a le dilemo di 110.+ 9 Ka hoo, ba mo pata naheng eo e leng lefa la hae Timnathe-herese,+ sebakeng se dithaba sa Efraime ka leboya ho Thaba ya Gashe.+ 10 Moloko oo kaofela wa shwa* yaba ho hlaha moloko o mong ka mora wona, o neng o sa tsebe Jehova kapa dintho tseo a di etseditseng Baiseraele.
11 Baiseraele ba etsa dintho tse sa thabiseng Jehova mme ba sebeletsa* medimo ya Baale.+ 12 Ba tlohela Jehova Modimo wa baholoholo ba bona ya ba ntshitseng naheng ya Egepeta.+ Yaba ba latela medimo e meng, medimo ya ditjhaba tse neng di ba potolohile,+ ba e inamela mme ba sitelwa Jehova.+ 13 Ba tlohela Jehova mme ba sebeletsa Baale le ditshwantsho tsa Ashtorethe.+ 14 Jehova a halefela Baiseraele haholo yaba o dumella dira tsa bona hore di ba hlole di be di ba nkele dintho tsa bona.+ A ba rekisetsa dira tse ba potolohileng+ mme ba ne ba se ba sa kgone ho itwanela kgahlanong le dira tsa bona.+ 15 Hohle moo ba neng ba ya teng, Jehova o ne a le kgahlanong le bona e le hore a ba tlisetse tlokotsi+ feela jwalo ka ha Jehova a ne a buile le jwalo ka ha Jehova a ne a ikanne ho bona+ mme ba ne ba le mahlomoleng a maholo.+ 16 Ka hoo, Jehova o ne a ba fa baahlodi ba neng ba ba pholosa ho batho ba neng ba ba nkela dintho tsa bona.+
17 Empa ha ba a ka ba mamela le baahlodi bao mme ba ne ba rapela* medimo e meng ebile ba e inamela. Ba ile ba kgeloha kapele tseleng eo baholoholo ba bona ba ileng ba mamela ditaelo tsa Jehova+ ba neng ba tsamaya ho yona. Ba ile ba hloleha ho mamela. 18 Ha Jehova a ba fa moahlodi,+ Jehova o ne a eba le moahlodi eo mme a ba pholosa ho dira tsa bona ha moahlodi eo a ntse a phela hobane Jehova o ne a ba utlwela bohloko+ ha ba lla ka lebaka la batho ba neng ba ba hateletse+ le ba neng ba ba hlorisa.
19 Empa ha moahlodi a ne a shwa, ba ne ba etsa bobe bo fetang boo baholoholo ba bona ba bo entseng ka ho latela medimo e meng, ba e sebeletsa ebile ba e inamela.+ Ha ba a ka ba tlohela mekgwa ya bona e mebe le ho ba manganga. 20 Qetellong Jehova a halefela Baiseraele+ haholo mme a re: “Ka ha setjhaba sena se tlotse selekane+ sa ka seo ke se laetseng baholoholo ba sona mme ha se a mmamela+ 21 le nna nke ke ka leleka setjhaba le ha e le sefe se ileng sa sala ha Joshua a shwa.+ 22 Ke tla etsa sena e le ho leka Baiseraele ho bona hore na ba tla tsamaya tseleng ya Jehova+ jwalo ka ha baholoholo ba bona ba tsamaile.” 23 Ka hoo, Jehova o ile a dumella ditjhaba tsena hore di nne di be teng. Ha a ka a di leleka kapele mme ha a ka a etsa hore Joshua a di hlole.