Buka ya Bobedi ya Dikronike
34 Josiase+ o ne a le dilemo di robedi ha e eba morena mme a busa Jerusalema ka dilemo tse 31.+ 2 O ile a etsa dintho tse thabisang Jehova jwalo ka moholoholo wa hae Davida. Ha a ka a kgelohela ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi.
3 Ha a ena le dilemo tse robedi a busa, e sa le moshanyana, a qala ho sebeletsa Modimo wa moholoholo wa hae Davida.+ Ha a ena le dilemo tse 12 a busa, a hlwekisa Juda le Jerusalema+ ka hore a tlose dibaka tse phahameng+ le dipalo tse halalelang,* ditshwantsho tse rapelwang+ le ditshwantsho tsa tshepe.* 4 Hape ba heletsa dialetare tsa medimo ya Baale a ntse a shebile mme a diha didulwana tsa dibano tse neng di le hodima tsona. A boela a thuha dipalo tse halalelang,* ditshwantsho tse rapelwang le ditshwantsho tsa tshepe,* a di etsa hore ebe phofo yaba o e fafatsa hodima mabitla a ba neng ba di etsetsa mahlabelo.+ 5 A tjhesetsa masapo a baprista dialetareng tsa bona.+ Ka hoo, a hlwekisa Juda le Jerusalema.
6 Metseng ya Manase, Efraime,+ Simeone le ho ya fihla Nefthali le dibakeng tsohle tse sentsweng, 7 a heletsa dialetare, a thuha dipalo tse halalelang* le ditshwantsho tse rapelwang+ ho fihlela e eba phofo. A diha didulwana tsohle tsa dibano naheng yohle ya Iseraele.+ Ka mora moo, a kgutlela Jerusalema.
8 Ha a ena le dilemo tse 18 a busa, a se a hlwekisitse naha le tempele,* a roma Shafane+ mora wa Azalia, Maseia molaodi wa motse le Jowa mora wa motlalehi Joakaze ho ya lokisa ntlo ya Jehova Modimo wa hae.+ 9 Ba tla ho Hilkia moprista ya phahameng mme ba mo fa tjhelete e neng e tlisitswe ntlong ya Modimo, eo Balevi ba sebeletsang e le balebedi ba menyako ba neng ba e bokelletse ho tswa ho Manase, Efraime le Baiseraele bohle+ le ho tswa ho Juda, Benjamine le baahi ba Jerusalema. 10 Ba e fa ba hlokomelang mosebetsi o etswang ntlong ya Jehova, ba sebetsang ntlong ya Jehova ba e sebedisetsa ho e lokisa. 11 Ba e fa ditsebi tsa mesebetsi ya matsoho le dihahi hore di reke majwe a betlilweng le mapolanka bakeng sa dintho tse kopanyang le ho haha ka dibalaka matlo ao marena a Juda a neng a a tlohetse hore a senyehe.+
12 Banna bao ba ne ba sebetsa ka botshepehi.+ Balevi ba neng ba kgethilwe hore e be balebedi ba bona e ne e le Jahathe le Obadia, ba tswang ho Bamerari,+ le Zakaria le Meshulame, ba tswang ho Bakohathe.+ Balevi bohle ba neng ba tseba ho bapala diletsa,+ 13 ba ne ba okametse batho ba jarang merwalo,* hape e le balebedi ba bohle ba etsang mosebetsi wa mofuta le ha e le ofe. Balevi ba bang e ne e le bangodi, balaodi le balebedi ba dikeiti.+
14 Ha ba ntse ba ntsha tjhelete e tlisitsweng ntlong ya Jehova,+ moprista Hilkia a fumana buka ya Molao wa Jehova+ oo a neng a fane ka wona a sebedisa* Moshe.+ 15 Hilkia a re ho mongodi Shafane: “Ke fumane buka ya Molao ka tlung ya Jehova.” Ka hoo, Hilkia a fa Shafane buka eo. 16 Shafane a tlisa buka eo ho morena mme a re ho yena: “Bahlanka ba hao ba ntse ba etsa mosebetsi wohle oo ba o fuweng. 17 Ba ntshitse tjhelete e fumanweng ka tlung ya Jehova mme ba e file banna ba kgethilweng le basebetsi.” 18 Mongodi Shafane a boela a re ho morena: “Ho na le buka eo moprista Hilkia a mphileng yona”+ yaba Shafane o e balla morena.+
19 Ha morena a utlwa mantswe a Molao, a tabola diaparo tsa hae.+ 20 Morena a re ho Hilkia, Akikame+ mora wa Shafane, Abdone mora wa Mikea, mongodi Shafane le Asaia mohlanka wa morena: 21 “Tsamayang le yo mpotsetsa ho Jehova, le botsetse le batho ba setseng Iseraele le Bajuda mabapi le mantswe a buka ena e fumanweng. Jehova o tla re halefela haholo hobane baholoholo ba rona ha ba a mamela mantswe a Jehova mme ha ba a etsa dintho tsohle tse ngotsweng bukeng ena.”+
22 Hilkia le ba neng ba ronngwe ke morena ba ya ho moprofeta Hulda.+ E ne e le mosadi wa Shalume mora wa Tikva e leng mora wa Harhase ya neng a ikarabella ka diaparo. O ne a dula Karolong ya Bobedi ya Jerusalema mme ba ile ba bua le yena moo.+ 23 A re ho bona: “Jehova Modimo wa Iseraele o itse ke bolelle monna ya le rommeng ho nna hore 24 Jehova o re, ‘Ke tla tlisa tlokotsi sebakeng sena le ho baahi ba sona,+ ke tlise le bomadimabe bohle bo ngotsweng bukeng+ eo ba e balletseng morena wa Juda 25 hobane ba ntahlile+ mme ba etsetsa medimo e meng mahlabelo a kubellang mosi ebile ba nkutlwisa bohloko ka dintho tseo ba di etsang.+ Ke tla halefela sebaka sena mme ha ho na motho ya tla nthiba.’”+ 26 Empa le bolelle morena wa Juda ya itseng le tlo botsa Jehova le re, “Jehova Modimo wa Iseraele o re: ‘Ho latela mantswe ao o a utlwileng,+ 27 o ile wa mamela* mme wa ikokobelletsa Modimo ha o utlwa seo a se buileng ka sebaka sena le baahi ba sona. O ile wa ikokobelletsa nna, wa tabola diaparo tsa hao, wa lla wa kopa thuso ho nna mme ke o utlwile,+ ke Jehova ya tjhong. 28 Ka lebaka leo o tla shwa* mme o patwe ka kgotso. O ke ke wa bona tlokotsi eo ke tla e tlisa sebakeng sena le ho baahi ba sona.’”’”+
Ke yona karabo eo ba ileng ba e isa ho morena. 29 Morena a romela molaetsa wa hore ho bitswe baholo bohle ba Juda le ba Jerusalema.+ 30 Ka mora moo, morena a ya ntlong ya Jehova le batho bohle ho tloha ho ngwana ho ya fihla ho motho e moholo, banna bohle ba Juda, baahi ba Jerusalema, baprista le Balevi. A ba balla mantswe ohle a ka bukeng ya selekane e fumanweng ka tlung ya Jehova.+ 31 Morena a ema sebakeng sa hae mme a etsa selekane*+ ka pela Jehova sa hore o tla mamela Jehova, ditaelo tsa hae, melao ya hae le dikgopotso tsa hae ka pelo yohle le moya*+ wohle wa hae ka hore a phethe mantswe a ngotsweng bukeng ya selekane.+ 32 Hape a etsa hore batho bohle ba Jerusalema le Benjamine ba dumellane le selekane seo. Baahi ba Jerusalema ba etsa dintho ho ya ka selekane sa Modimo wa baholoholo ba bona.+ 33 Josiase a tlosa dintho tsohle tse nyonyehang* dinaheng tsohle tsa Baiseraele+ mme a etsa hore batho bohle ba Iseraele ba sebeletse Jehova Modimo wa bona. Ha a ntse a phela, ha ba a ka ba tlohela ho sebeletsa Jehova Modimo wa baholoholo ba bona.