Dipesaleme
Pesaleme ya Davida.
138 Ke tla o rorisa ka pelo ya ka yohle.+
Ke o binele dithoriso
Ka pela medimo e meng.*
2 Ke tla inama ke shebile tempeleng ya hao e halalelang.*+
Ke tla rorisa lebitso la hao+
Hobane o lerato ebile o a tshepahala.
O bontshitse hore botumo ba lebitso la hao le ditshepiso tsa hao di kgolo ho feta dintho tsohle.*
7 Le haeba ke tsamaya moo ho leng kotsi, o tla mpholosa.+
O tla ntwanela ho dira tsa ka tse halefileng.
O tla mpholosa ka letsoho la hao le letona.
8 Jehova o tla nketsetsa dintho tsohle.
Jehova, lerato la hao ha le fele le ka mohla.+
O se ke wa lahla batho ba hao bao o ba bopileng.+