LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • 2 Dikronike 18
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

Kakaretso ya 2 Dikronike

      • Josafate o etsa selekane le Akabe (1-11)

      • Mikaia o profeta hore Baiseraele ba tla hlolwa (12-27)

      • Akabe o bolaelwa Ramothe-gileade (28-34)

2 Dikronike 18:1

Mangolo a Dithupiso

  • +2Kr 17:5
  • +1Ma 16:28, 33; 21:25

2 Dikronike 18:2

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “phehella.”

Mangolo a Dithupiso

  • +1Ma 22:2-4; 2Kr 19:2
  • +De 4:41-43; 1Kr 6:77, 80

2 Dikronike 18:4

Mangolo a Dithupiso

  • +2Sa 2:1; 1Ma 22:5, 6

2 Dikronike 18:6

Mangolo a Dithupiso

  • +2Ma 3:11
  • +1Ma 22:7, 8

2 Dikronike 18:7

Mangolo a Dithupiso

  • +1Ma 18:4; 19:9, 10
  • +Jer 38:4

2 Dikronike 18:8

Mangolo a Dithupiso

  • +1Ma 22:9-12

2 Dikronike 18:9

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Sheba Tlhaloso.

2 Dikronike 18:10

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “sututsa.”

2 Dikronike 18:11

Mangolo a Dithupiso

  • +Mik 3:5

2 Dikronike 18:12

Mangolo a Dithupiso

  • +1Ma 22:13-17; Esa 30:9, 10

2 Dikronike 18:13

Mangolo a Dithupiso

  • +Jer 23:28; Dik 20:27

2 Dikronike 18:15

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “o bue nnete ka lebitso la Jehova.”

2 Dikronike 18:16

Mangolo a Dithupiso

  • +Le 26:14, 17; Nu 27:16, 17

2 Dikronike 18:17

Mangolo a Dithupiso

  • +1Ma 22:18

2 Dikronike 18:18

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “lebotho la mahodimo.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Esa 6:1; Eze 1:26; Tshe 20:11
  • +Job 1:6; Dan 7:9, 10
  • +1Ma 22:19-23

2 Dikronike 18:20

Mangolo a Dithupiso

  • +Pes. 104:4

2 Dikronike 18:22

Mangolo a Dithupiso

  • +Esa 19:14; Eze 14:9

2 Dikronike 18:23

Mangolo a Dithupiso

  • +2Kr 18:10
  • +2Kr 18:7
  • +Jer 20:2; Mar 14:65
  • +1Ma 22:24-28

2 Dikronike 18:26

Mangolo a Dithupiso

  • +2Kr 16:10; Dik 5:18

2 Dikronike 18:27

Mangolo a Dithupiso

  • +Nu 16:29

2 Dikronike 18:28

Mangolo a Dithupiso

  • +Jos 20:8; 1Ma 22:29-33; 2Kr 18:2

2 Dikronike 18:31

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 14:10; 2Kr 13:14

2 Dikronike 18:33

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “a sa rera.”

  • *

    Ka Seheberu: “diahelong.”

Mangolo a Dithupiso

  • +1Ma 22:34, 35

2 Dikronike 18:34

Mangolo a Dithupiso

  • +2Kr 18:22

Diphetolelo Tse Ding

Penya temana e le hore o bone ditemana tse tsamaisanang le yona.

Tse Ding

2 Dikron. 18:12Kr 17:5
2 Dikron. 18:11Ma 16:28, 33; 21:25
2 Dikron. 18:21Ma 22:2-4; 2Kr 19:2
2 Dikron. 18:2De 4:41-43; 1Kr 6:77, 80
2 Dikron. 18:42Sa 2:1; 1Ma 22:5, 6
2 Dikron. 18:62Ma 3:11
2 Dikron. 18:61Ma 22:7, 8
2 Dikron. 18:71Ma 18:4; 19:9, 10
2 Dikron. 18:7Jer 38:4
2 Dikron. 18:81Ma 22:9-12
2 Dikron. 18:11Mik 3:5
2 Dikron. 18:121Ma 22:13-17; Esa 30:9, 10
2 Dikron. 18:13Jer 23:28; Dik 20:27
2 Dikron. 18:16Le 26:14, 17; Nu 27:16, 17
2 Dikron. 18:171Ma 22:18
2 Dikron. 18:18Esa 6:1; Eze 1:26; Tshe 20:11
2 Dikron. 18:18Job 1:6; Dan 7:9, 10
2 Dikron. 18:181Ma 22:19-23
2 Dikron. 18:20Pes. 104:4
2 Dikron. 18:22Esa 19:14; Eze 14:9
2 Dikron. 18:232Kr 18:10
2 Dikron. 18:232Kr 18:7
2 Dikron. 18:23Jer 20:2; Mar 14:65
2 Dikron. 18:231Ma 22:24-28
2 Dikron. 18:262Kr 16:10; Dik 5:18
2 Dikron. 18:27Nu 16:29
2 Dikron. 18:28Jos 20:8; 1Ma 22:29-33; 2Kr 18:2
2 Dikron. 18:31Ex 14:10; 2Kr 13:14
2 Dikron. 18:331Ma 22:34, 35
2 Dikron. 18:342Kr 18:22
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
  • E bale ka phetolelo ena Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
  • 22
  • 23
  • 24
  • 25
  • 26
  • 27
  • 28
  • 29
  • 30
  • 31
  • 32
  • 33
  • 34
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
2 Dikronike 18:1-34

Buka ya Bobedi ya Dikronike

18 Josafate o ne a ena le maruo le kganya e ngata+ empa a etsa selekane sa lenyalo le Akabe.+ 2 Dilemo ha morao a theohela Samaria ho Akabe+ mme Akabe a etsetsa Josafate le batho ba neng ba ena le yena sehlabelo ka dinku le dikgomo tse ngata. A mo kgothaletsa* hore a hlasele Ramothe-gileade.+ 3 Morena Akabe wa Iseraele a re ho Morena Josafate wa Juda: “Na o tla ya le nna motseng wa Ramothe-gileade?” A re ho yena: “Ke tla ya le wena le setjhaba sa ka mme re tla o tshehetsa ntweng.”

4 Empa Josafate a re ho morena wa Iseraele: “Ke kopa o botse Jehova pele ka taba ena.”+ 5 Morena wa Iseraele a bokella baprofeta ba 400 mme a re ho bona: “Na re ka yo lwantsha motse wa Ramothe-gileade kapa ke o tlohele?” Ba re: “Tsamaya mme Modimo wa nnete o tla o thusa hore o hlole.”

6 Josafate a re: “Na ho na le moprofeta e mong wa Jehova moo?+ Le yena a re mo botseng.”+ 7 Morena wa Iseraele a re ho Josafate: “Ho na le monna e mong+ eo re ka mo botsang hore na Jehova o reng ka taba ena. Empa ke mo hloile hobane ha ho mohla a profetang dintho tse ntle ka nna, o dula a profeta tse mpe feela.+ Ke Mikaia mora wa Imla.” Josafate a re: “Morena a se ke a bua ka tsela ena.”

8 Morena wa Iseraele a bitsa molaodi wa lekgotla a re: “Potlaka o tle le Mikaia mora wa Imla.”+ 9 Morena wa Iseraele o ne a dutse teroneng ya hae le Josafate morena wa Juda a dutse teroneng ya hae, ba apere diaparo tsa bona tsa borena. Ba ne ba dutse seotlong* keiting ya Samaria mme baprofeta bohle ba profeta ka pela bona. 10 Tsedekia mora wa Kenana a iketsetsa manaka a tshepe mme a re: “Jehova o re, ‘O tla hlaba* Basiria ka manaka ana ho fihlela o ba fedisitse.’” 11 Baprofeta ba bang bohle ba ne ba profeta se tshwanang ba re: “Tsamaya o yo lwantsha Ramothe-gileade mme Jehova o tla o thusa hore o e hlole.”+

12 Moromuwa ya neng a ilo bitsa Mikaia a re ho yena: “Baprofeta bohle ba re morena o tla atleha. Le wena ke kopa o bue dintho tse ntle.”+ 13 Mikaia a re: “Ke hlapanya ka Jehova ya phelang hore ke tla bua seo Modimo wa ka a tla mpolella sona.”+ 14 Ha Mikaia a fihla, morena a re ho yena: “Mikaia, re lwantshe Ramothe-gileade kapa ke e tlohele?” Mikaia a re: “Tsamaya o yo e lwantsha mme le tla e hlola.” 15 Morena a re ho yena: “Ke tla etsa hore o hlapanye ka makgetlo a makae e le hore o bue nnete mme o bue feela seo Jehova a o boleletseng sona?”* 16 Mikaia a re: “Ke bone Baiseraele bohle ba hasane dithabeng jwalo ka dinku tse se nang modisa.+ Jehova o itse: ‘Ha ba na morena. Ere e mong le e mong a kgutlele ntlong ya hae ka kgotso.’”

17 Morena wa Iseraele a re ho Josafate: “Na ha ke a o bolella hore a ke ke a profeta dintho tse ntle ka nna empa o tla profeta tse mpe feela?”+

18 Mikaia a re: “Utlwa lentswe la Jehova: Ke bone Jehova a dutse teroneng+ ya hae mme mangeloi* ohle+ a eme ka lehlakoreng la hae le letona le le letshehadi.+ 19 Jehova a re, ‘Ke mang ya tla thetsa Morena Akabe wa Iseraele e le hore a ye Ramothe-gileade mme a shwelle teng?’ Lengeloi le leng le ne le re tjena mme le leng le re tjena. 20 Lengeloi+ le leng la tla ka pela Jehova la re, ‘Ke tla mo thetsa.’ Jehova a re ho lona, ‘O tla mo thetsa jwang?’ 21 La re, ‘Ke tla thetsa baprofeta ba hae e le hore ba tle ba bue leshano.’ A re ho lona, ‘Tsamaya o yo mo thetsa hobane o tla atleha.’ 22 Jehova o entse hore baprofeta bana ba hao ba bue leshano+ empa ha e le hantle Jehova yena o ikemiseditse ho o fa kotlo.”

23 Tsedekia+ mora wa Kenana a atamela ho Mikaia+ mme a mo otla lerameng+ a re: “Lengeloi la Jehova le mphetile jwang mme la bua le wena?”+ 24 Mikaia a re: “O tla bona hore na le o fetile jwang mohlang o yo ipata kamoreng e ka harehare.” 25 Morena wa Iseraele a re: “Isa Mikaia ho Amone letona la motse le ho Joashe mora wa morena. 26 O re ho bona, ‘Morena o re: “Kwallang monna enwa teronkong+ mme le fokotse metsi le dijo tseo a lokelang ho di fuwa ho fihlela ke kgutla ke ntse ke phela.”’” 27 Empa Mikaia a re: “Haeba o ka kgutla o ntse o phela, e tla ba Jehova ha a bua le nna.”+ A boela a re: “Lona setjhaba, le hopole mantswe ana.”

28 Morena wa Iseraele le Josafate morena wa Juda ba ya Ramothe-gileade.+ 29 Morena wa Iseraele a re ho Josafate: “Ke tla apara diaparo tse ding ebe ke kena ntweng empa wena o apare diaparo tsa hao tsa borena.” Morena wa Iseraele a apara diaparo tse ding yaba ba kena ntweng. 30 Morena wa Siria o ne a itse ho balaodi ba dikariki tsa hae tsa ntwa: “Le se ke la lwantsha motho ofe kapa ofe empa le lwantshe morena wa Iseraele feela.” 31 Ha balaodi ba dikariki tsa ntwa ba bona Josafate ba re: “Enwa ke yena morena wa Iseraele.” Ba ya ho yena ba mo lwantsha yaba Josafate o a hweletsa o kopa thuso.+ Jehova a mo thusa mme a etsa hore ba mo tlohele. 32 Ha balaodi ba dikariki tsa ntwa ba bona hore ha se morena wa Iseraele, hanghang ba kgutla.

33 Monna e mong a betsa motsu wa seqha sa hae, ha etsahala* hore motsu oo o kene seaparong sa tshepe sa morena wa Iseraele mme o mo hlabe. Morena a re ho mokganni wa kariki ya hae ya ntwa: “Ke kopa o ntlose ntweng* hobane ke lemetse haholo.”+ 34 Ntwa ya tswela pele letsatsi lohle. Morena wa Iseraele a tlameha ho ema a tsheheditswe kariking ya hae ya ntwa, a shebile Basiria ho fihlela mantsiboya, a shwa ha letsatsi le dikela.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share