Buka ya Bobedi ya Dikronike
22 Baahi ba Jerusalema ba etsa mora e monyenyane wa Jorame e leng Akazia morena hobane masole a neng a tlile le Maarabia ho tla hlasela ditenteng a ile a bolaya bohle ba baholo.+ Ka hoo, Akazia mora wa Jorame ya eba morena wa Juda.+ 2 Akazia o ne a le dilemo di 22 ha e eba morena mme o busitse Jerusalema selemo se le seng. Mme wa hae e ne e le Athalia+ setloholo* sa Omri.+
3 Le yena o ile a etsa dintho tse mpe tse tshwanang le tseo lelapa la Akabe+ le neng le di etsa hobane mme wa hae e ne e le yena ya mo eletsang hore a etse bokgopo. 4 A nna a etsa dintho tse sa thabiseng Jehova jwalo ka ba lelapa la Akabe hobane e ne e le bona ba mo eletsang ka mora lefu la ntate wa hae mme seo se ile sa fella ka hore a bolawe. 5 O ile a mamela dikeletso tsa bona mme a tsamaya le Jorame mora wa Morena Akabe wa Iseraele ho ya lwantsha Morena Hazaele+ wa Siria Ramothe-gileade+ e leng moo banna ba betsang metsu ba ileng ba lematsa Jorame. 6 A kgutlela Jezriele+ e le hore a yo oka maqeba ao ba neng ba mo ntshitse ona Rama ha a ne a lwana le Morena Hazaele wa Siria.+
Akazia* mora wa Jorame+ morena wa Juda a ya Jezriele ho ya bona Jorame+ mora wa Akabe hobane ba ne ba mo lemaditse.*+ 7 Modimo a etsa hore Akazia a ikise lefung la hae ka ho ya ho Jorame. Ha a fihla, a tsamaya le Jorame ho ya kopana le Jehu+ setloholo* sa Nimshi, eo Jehova a neng a mo kgethile* hore a fedise ba lelapa la Akabe.+ 8 Ha Jehu a ne a tlilo ahlola ba lelapa la Akabe, a fumana dikgosana tsa Juda le bara ba bana ba bo Akazia bao e neng e le basebeletsi ba Akazia mme a ba bolaya.+ 9 O ile a batlana le Akazia, ba mo fumana moo a neng a ipatile teng Samaria yaba ba mo tlisa ho Jehu. Ka hoo, ba mo bolaya mme ba mo pata+ hobane ba ile ba re: “Ke setloholo sa Josafate ya ileng a batla Jehova ka pelo yohle ya hae.”+ Ho ne ho se na le ya mong wa ba lelapa la Akazia eo e neng e ka ba morena.
10 Ha Athalia+ mme wa Akazia a hlokomela hore mora wa hae o shwele, a bolaya bana bohle ba boreneng* ba leloko la Juda.+ 11 Le ha ho le jwalo, Joshabeathe moradi wa morena a nka* Joase+ mora wa Akazia ho bara ba morena ba neng ba tlo bolawa, a mo beha ka kamoreng le mohlokomedi wa hae. Joshabeathe moradi wa Morena Jorame+ (eo e neng e le mosadi wa moprista Jehojada+ ebile e le ngwanabo Akazia) o ile a mo patela Athalia e le hore a se ke a mo bolaya.+ 12 Joase a dula le bona dilemo tse tsheletseng ba mo patile ntlong ya Modimo wa nnete, ha Athalia a ntse a busa naheng.