LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Baahlodi 11
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

Kakaretso ya Baahlodi

      • Moahlodi Jafeta o a lelekwa, ha morao o etswa moetapele (1-11)

      • Jafeta o bua le Baamone (12-28)

      • Kano ya Jafeta le moradi wa hae (29-40)

        • Bophelo ba moradi wa Jafeta ya neng a sa nyalwa (38-40)

Baahlodi 11:1

Mangolo a Dithupiso

  • +Bhl 12:7; 1 Sam. 12:11; Heb 11:32

Baahlodi 11:4

Mangolo a Dithupiso

  • +Bhl 10:17

Baahlodi 11:7

Mangolo a Dithupiso

  • +Bhl 11:2

Baahlodi 11:8

Mangolo a Dithupiso

  • +Bhl 10:18

Baahlodi 11:10

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “ya utlwang.”

Baahlodi 11:11

Mangolo a Dithupiso

  • +Bhl 10:17; 11:34

Baahlodi 11:12

Mangolo a Dithupiso

  • +Ge 19:36, 38

Baahlodi 11:13

Mangolo a Dithupiso

  • +Nu 21:23, 24
  • +Nu 21:26
  • +De 3:16, 17

Baahlodi 11:15

Mangolo a Dithupiso

  • +Ge 19:36, 37; De 2:9
  • +De 2:19, 37

Baahlodi 11:16

Mangolo a Dithupiso

  • +Nu 14:25
  • +Nu 20:1

Baahlodi 11:17

Mangolo a Dithupiso

  • +Ge 36:1; Nu 20:14; De 2:4
  • +Ge 19:36, 37
  • +Nu 20:22

Baahlodi 11:18

Mangolo a Dithupiso

  • +Nu 21:4
  • +Nu 21:11
  • +Nu 21:13

Baahlodi 11:19

Mangolo a Dithupiso

  • +Nu 21:21-26; De 2:26, 27

Baahlodi 11:20

Mangolo a Dithupiso

  • +De 2:32, 33

Baahlodi 11:21

Mangolo a Dithupiso

  • +Jos 13:15, 21

Baahlodi 11:22

Mangolo a Dithupiso

  • +De 2:36

Baahlodi 11:23

Mangolo a Dithupiso

  • +Ne 9:22

Baahlodi 11:24

Mangolo a Dithupiso

  • +1Ma 11:7
  • +Ex 23:28; 34:11; Nu 33:53; De 9:5; 18:12

Baahlodi 11:25

Mangolo a Dithupiso

  • +Nu 22:2, 3; Jos 24:9

Baahlodi 11:26

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “e e potolohileng.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Nu 21:25
  • +Nu 21:26

Baahlodi 11:27

Mangolo a Dithupiso

  • +Esa 33:22

Baahlodi 11:29

Mangolo a Dithupiso

  • +Bhl 3:9, 10; Zak 4:6
  • +Bhl 10:17

Baahlodi 11:30

Mangolo a Dithupiso

  • +De 23:21

Baahlodi 11:31

Mangolo a Dithupiso

  • +1 Sam. 1:11
  • +1 Sam. 1:24

Indexes

  • Research Guide

    Tora ya ho Lebela (E Ithutwang),

    4/2017, leq. 4

    Ithuteng Bibele (lfb), maq. 88-89

Baahlodi 11:34

Mangolo a Dithupiso

  • +Bhl 10:17; 11:11

Baahlodi 11:35

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “O nkokobeditse.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Nu 30:2; Pes. 15:4; Moek. 5:4

Indexes

  • Research Guide

    Tora ya ho Lebela (E Ithutwang),

    4/2017, leq. 4

Baahlodi 11:36

Mangolo a Dithupiso

  • +Bhl 11:30, 31

Baahlodi 11:37

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “ke yo lla le metswalle ya ka hobane le ka mohla nke ke ka nyalwa.”

Indexes

  • Research Guide

    Tora ya ho Lebela (E Ithutwang),

    4/2017, leq. 4

Baahlodi 11:39

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “molao.”

Mangolo a Dithupiso

  • +1 Sam. 1:22, 24

Baahlodi 11:40

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “babatsa.”

Diphetolelo Tse Ding

Penya temana e le hore o bone ditemana tse tsamaisanang le yona.

Tse Ding

Baahl. 11:1Bhl 12:7; 1 Sam. 12:11; Heb 11:32
Baahl. 11:4Bhl 10:17
Baahl. 11:7Bhl 11:2
Baahl. 11:8Bhl 10:18
Baahl. 11:11Bhl 10:17; 11:34
Baahl. 11:12Ge 19:36, 38
Baahl. 11:13Nu 21:23, 24
Baahl. 11:13Nu 21:26
Baahl. 11:13De 3:16, 17
Baahl. 11:15Ge 19:36, 37; De 2:9
Baahl. 11:15De 2:19, 37
Baahl. 11:16Nu 14:25
Baahl. 11:16Nu 20:1
Baahl. 11:17Ge 36:1; Nu 20:14; De 2:4
Baahl. 11:17Ge 19:36, 37
Baahl. 11:17Nu 20:22
Baahl. 11:18Nu 21:4
Baahl. 11:18Nu 21:11
Baahl. 11:18Nu 21:13
Baahl. 11:19Nu 21:21-26; De 2:26, 27
Baahl. 11:20De 2:32, 33
Baahl. 11:21Jos 13:15, 21
Baahl. 11:22De 2:36
Baahl. 11:23Ne 9:22
Baahl. 11:241Ma 11:7
Baahl. 11:24Ex 23:28; 34:11; Nu 33:53; De 9:5; 18:12
Baahl. 11:25Nu 22:2, 3; Jos 24:9
Baahl. 11:26Nu 21:25
Baahl. 11:26Nu 21:26
Baahl. 11:27Esa 33:22
Baahl. 11:29Bhl 3:9, 10; Zak 4:6
Baahl. 11:29Bhl 10:17
Baahl. 11:30De 23:21
Baahl. 11:311 Sam. 1:11
Baahl. 11:311 Sam. 1:24
Baahl. 11:34Bhl 10:17; 11:11
Baahl. 11:35Nu 30:2; Pes. 15:4; Moek. 5:4
Baahl. 11:36Bhl 11:30, 31
Baahl. 11:391 Sam. 1:22, 24
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
  • E bale ka phetolelo ena Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
  • 22
  • 23
  • 24
  • 25
  • 26
  • 27
  • 28
  • 29
  • 30
  • 31
  • 32
  • 33
  • 34
  • 35
  • 36
  • 37
  • 38
  • 39
  • 40
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Baahlodi 11:1-40

Baahlodi

11 Jafeta+ wa Mogileade e ne e le monna ya matla. Mme wa hae e ne e le letekatse mme lebitso la ntate wa hae e le Gileade. 2 Mosadi wa Gileade le yena o ile a mo tswalla bara. Ha bara bao ba se ba hodile, ba ile ba leleka Jafeta mme ba re ho yena: “O ke ke wa fumana lefa dinthong tsa ntate wa rona hobane o mora wa mosadi e mong.” 3 Ka hoo, Jafeta a baleha bana babo mme a yo dula naheng ya Tobe. Banna ba sa sebetseng ba tsamaya le Jafeta yaba ba mo sala morao.

4 Ka mora nako, Baamone ba lwantsha Baiseraele.+ 5 Ha Baamone ba lwantsha Baiseraele, hanghang baholo ba Gileade ba lata Jafeta naheng ya Tobe. 6 Ba re ho Jafeta: “Tloo mme o be molaodi wa rona e le hore re lwantshe Baamone.” 7 Empa Jafeta a re ho baholo ba Gileade: “Na ha se lona ba neng ba ntlhoile yaba le ntebela ntlong ya Ntate?+ Ke hobaneng ha le tla ho nna hona jwale ha le le mathateng?” 8 Yaba baholo ba Gileade ba re ho Jafeta: “Ke yona ntho e entseng hore re kgutlele ho wena. Haeba o ka tsamaya le rona ho yo lwantsha Baamone, o tla ba moetapele wa baahi bohle ba Gileade.”+ 9 Ka hoo, Jafeta a re ho baholo ba Gileade: “Haeba le re ke kgutle ke tlo lwantsha Baamone mme Jehova a nthusa ho ba hlola, jwale ke tla ba moetapele wa lona.” 10 Baholo ba Gileade ba re ho Jafeta: “Jehova e ke e be paki* haeba re sa etse seo o reng re se etse.” 11 Ka hoo, Jafeta a tsamaya le baholo ba Gileade mme setjhaba sa mo etsa moetapele le molaodi wa sona. Ha Jafeta a le Mizpa, a bolella Jehova seo yena le banna ba Gileade ba dumellaneng ka sona.+

12 Jwale Jafeta a romela baromuwa ho morena wa Baamone,+ a re: “Ke o entseng? Ke hobaneng ha o tlile naheng ya ka ho tla ntwantsha?” 13 Ka hoo, morena wa Baamone a re ho baromuwa ba Jafeta: “Ke hobane Baiseraele ba ile ba nka naha ya ka ha ba tswa Egepeta.+ Ba e nkile ho tloha Arnone+ ho ya Jaboke le ho ya fihla Jordane.+ Jwale, e kgutlise ka kgotso.” 14 Empa Jafeta a boela a romela baromuwa ho morena wa Baamone 15 hore ba re ho yena:

“Jafeta o re, ‘Baiseraele ha ba a nka naha ya Bamoabe+ le naha ya Baamone+ 16 hobane ha Baiseraele ba tswa Egepeta ba ile ba tsamaya lefeelleng ho ya fihla Lewatleng le Lefubedu+ mme ba fihla Kadeshe.+ 17 Yaba Baiseraele ba romela baromuwa ho morena wa Edomo+ ba re: “Re kopa o re dumelle hore re fete naheng ya hao” empa morena wa Edomo a hana. Ba ile ba boela ba kopa morena wa Moabe+ empa le yena ha a ka a dumela. Ka hoo, Baiseraele ba nna ba dula Kadeshe.+ 18 Ha ba ntse ba tsamaya lefeelleng, ha ba a ka ba kena naheng ya Edomo+ le naheng ya Moabe.+ Ba ne ba tsamaya ka botjhabela ho naha ya Moabe mme ba hloma ditente tsa bona Arnone. Ha ba a ka ba kena Moabe+ hobane Arnone e ne e le moedi wa Moabe.

19 Ka mora moo, Baiseraele ba romela baromuwa ho Sihone morena wa Baamore, ya neng a busa Heshbone mme Baiseraele ba re ho yena: “Re kopa o re dumelle hore re fete naheng ya hao re ye ha habo rona.”+ 20 Empa Sihone o ne a sa tshepe Baiseraele. Ka hoo, ha a ka a ba dumella hore ba fete naheng ya hae. Yaba Sihone o bokella masole a hae ohle, a hloma ditente Jahaze mme a lwantsha Baiseraele.+ 21 Jwale Jehova Modimo wa Iseraele a thusa Baiseraele hore ba hlole Sihone le masole a hae ohle mme ba hapa naha yohle eo Baamore ba neng ba dula ho yona.+ 22 Ka hoo, ba hapa naha yohle ya Baamore ho tloha Arnone ho ya Jaboke le ho tloha lefeelleng ho ya fihla Jordane.+

23 Jehova Modimo wa Iseraele ke yena ya ileng a leleka Baamore naheng ena, a e fa setjhaba sa hae sa Baiseraele,+ jwale na o batla ho ba leleka? 24 Na ha le nke ntho e nngwe le e nngwe eo modimo wa lona Kemoshe+ a le fang yona? Ka hoo, le rona re tla nka naha le ha e le efe eo Jehova Modimo wa rona a re fang yona.+ 25 Jwale na o molemo ho feta Balake+ mora wa Zipore morena wa Moabe? Na Balake o kile a ngangisana le Baiseraele kapa na o kile a ba lwantsha? 26 Ke hobaneng ha o sa ka wa kgutlisa Baiseraele nakong eo ba neng ba dula Heshbone le metseng e haufi*+ le yona le Aroere le metseng e haufi le yona le metseng yohle e mabopong a Arnone ka dilemo tse 300?+ 27 O etsa phoso ka ho ntwantsha hobane ha ke a o sitelwa. Jehova Moahlodi+ e ke e be yena ya ahlolang kajeno pakeng tsa setjhaba sa Iseraele le setjhaba sa Amone.’”

28 Empa Morena wa Baamone ha a ka a mamela molaetsa oo Jafeta a neng a mo romeletse wona.

29 Jehova a fa Jafeta moya wa hae o halalelang+ mme Jafeta a feta naheng ya Gileade le ya Manase ho ya naheng ya Mizpe e Gileade.+ A tloha Mizpe e Gileade a fihla ho Baamone.

30 Jwale Jafeta a ikana+ ho Jehova, a re: “Haeba o ka nthusa hore ke hlole Baamone, 31 mang kapa mang ya tla tswa monyako wa ntlo ya ka ho tla nkgahlanyetsa ha ke kgutla ke hlotse Baamone, e tla ba wa hao Jehova+ mme ke tla o fa yena e le nyehelo ya setjheso.”+

32 Ka hoo, Jafeta a ya ho ya lwantsha Baamone mme Jehova a mo thusa hore a ba hlole. 33 O ile a ba bolaya ka bongata metseng e 20 kaofela, ho tloha Aroere ho ya fihla Minithe le ho ya fihla Abele-keramime. Ka hoo, Baamone ba ile ba hlolwa ke Baiseraele.

34 Jwale Jafeta a kgutlela ha hae Mizpa+ mme moradi wa hae a tswa ho ya mo kgahlanyetsa, a letsa moropa o monyenyane a bile a tantsha. E ne e le yena feela ngwana wa hae. Ntle ho yena o ne a se na mora kapa moradi. 35 Eitse ha a mo bona, a tabola diaparo tsa hae mme a re: “Jo! moradi wa ka! O nkutlwisitse bohloko* hobane ke tlo fana ka wena. Ke entse kano ho Jehova mme nke ke ka kgona ho e fetohela.”+

36 Empa a re ho yena: “Ntate, haeba o entse kano ho Jehova, etsa seo o mo tshepisitseng sona+ hobane Jehova o o thusitse hore o hlole dira tsa hao e leng Baamone.” 37 A tswela pele ho re ho yena: “Ke kopa ntho e le nngwe feela: Ntumelle hore ke yo qeta dikgwedi tse pedi ke le dithabeng le metswalle ya ka ya banana mme ke llele borwetsana ba ka.”*

38 Yaba ntate wa hae o re: “O ka tsamaya.” Jwale a mo dumella hore a tsamaye ka dikgwedi tse pedi mme a ya dithabeng le metswalle ya hae ho ya llela borwetsana ba hae. 39 Ha dikgwedi tse pedi di fela, o ile a kgutlela ho ntate wa hae. Ka mora moo, ntate wa hae a phethahatsa kano eo a neng a e entse ka yena.+ Ha ho mohla a kileng a etsa thobalano le monna. Jwale ho ile ha eba le tlwaelo* Iseraele, 40 ya hore selemo le selemo banana ba Iseraele ba tjhakele moradi wa Jafeta Mogileade, matsatsi a mane ka selemo ho ya mo kgothatsa.*

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share