Jobo
2 “Na motho o na le molemo ho Modimo?
Na motho le ha e le ofe ya bohlale a ka mo tswela molemo?+
3 Na Ya Matla Ohle o na le taba* hore na o lokile
Kapa na ho na le molemo oo a o fumanang haeba o tshepahala?+
4 Na ke ka lebaka la hore o a mo hlompha a ka o fang kotlo
Le ho o isa kgotla?
6 O nka dintho ho bana beno e le tebeletso ntle ho lebaka
Ebile o nkela batho diaparo tsa bona mme o ba siya ba hlobotse.*+
11 Ke ka lebaka leo ho leng lefifi hoo o sa boneng
Le morwallo wa metsi o a o kwahela.
12 Na Modimo ha a hodimo lehodimong?
Bona hore na dinaledi tsohle di hodimo hakaakang!
13 Empa o itse: ‘Modimo o tsebang?
Na a ka ahlola lefifing le letsholetsho?
15 Na o tla nne o latele ditsela tsa kgale
Tseo batho ba kgopo ba tsamaileng ho tsona,
17 Ba ne ba re ho Modimo wa nnete: ‘Kgaohana le rona!’
Ba bile ba re, ‘Ya Matla Ohle o re etsang?’
18 Le ha ho le jwalo, Modimo ke yena ya tlatsitseng dintho tse molemo ka matlung a bona.
(Monahano o kgopo jwalo ha o yo ho nna.)
19 Batho ba lokileng ba tla bona sena mme ba thabe,
Ba se nang molato ba tla ba soma ba re:
20 ‘Bahanyetsi ba rona ba fedisitswe,
Mollo o tla tjhesa dintho tsa bona tse setseng.’
21 Mo tsebe mme o tla ba le kgotso,
O tla fumana dintho tse ntle.
23 Haeba o kgutlela ho Ya Matla Ohle, o tla boela o atlehe,+
Haeba o tlosa diketso tse sa lokang tenteng ya hao
24 Haeba o ka lahlela kgauta ya hao leroleng
Le kgauta ya Ofire+ dikgohlong* tse majwe,
25 Ya Matla Ohle e tla ba kgauta ya hao,
E tla ba silevera ya hao e ntle ka ho fetisisa.
27 O tla mo kopa ka tiyo mme o tla o mamela.
Wena o tla phetha boitlamo ba hao.
28 Dintho tsohle tseo o di etsang di tla atleha
Le ditsela tsa hao di tla kganya.
29 O tla tlotlollwa ha o ikgohomosa
Empa Modimo o tla pholosa batho ba ikokobeditseng.
30 O tla pholosa batho ba se nang molato.
Ka hoo, haeba matsoho a hao a hlwekile, jwang kapa jwang o tla pholoswa.”