Jobo
42 Jobo a araba Jehova a re:
3 O itse: ‘Ke mang eo ya senyang merero ya ka a se na tsebo?’+
Ka hoo, ke ile ka bua ka dintho tse hlollang haholo
Empa ke ne ke sa di utlwisise ebile ke sa di tsebe.+
4 O ile wa boela wa re: ‘Ke kopa o mmamele ha ke bua.
Ke tla o botsa dipotso mme wena o nkarabe.’+
5 Ke ile ka utlwela ka wena
Empa hona jwale ke o bona ka mahlo a ka.
6 Ke ka hoo ke hulang mantswe a ka.*+
Ke bile ke dula leroleng le moloreng ho bontsha hore ke bakile.”+
7 Ha Jehova a qeta ho bua mantswe ana ho Jobo, Jehova a re ho Elifaze wa Motemane:
“Wena le metswalle+ ya hao e mmedi le nkgalefisitse hobane ha le a bua nnete ka nna,+ ke mohlanka wa ka Jobo feela ya e buileng. 8 Eyang ho mohlanka wa ka Jobo le nkile dipoho tse supileng le diramo tse supileng mme le iketsetse sehlabelo sa setjheso. Mohlanka wa ka Jobo o tla le rapella.+ Ke tla mamela thapelo ya hae* mme nke ke ka le fa kotlo ka lebaka la bowatla ba lona. Ha le a bua nnete ka nna, ke mohlanka wa ka Jobo feela ya e buileng.”
9 Elifaze wa Motemane, Bildade wa Moshuha le Tsofare wa Monaama ba tsamaya mme ba etsa seo Jehova a ba laetseng sona. Ka mora moo, Jehova a araba thapelo ya Jobo.
10 Ha Jobo a qeta ho rapella metswalle ya hae,+ Jehova a tlosa mathata a hae+ a ba a etsa hore a atlehe hape.* Jehova a atisa dintho tseo a neng a ena le tsona pele ka makgetlo a mabedi.+ 11 Bana babo kaofela le metswalle yohle ya hae ya pele+ ba ya ho yena ho ya ja le yena ntlong ya hae. Ba ile ba mo utlwela bohloko ba ba ba mo tshedisa ka lebaka la mathata ohle ao Jehova a neng a dumelletse hore a mo hlahele. Kaofela ha bona ba mo fa tjhelete le reng ya kgauta.
12 Jehova a hlohonolofatsa Jobo ho feta pele.+ Jobo a ba le dinku tse 14 000, dikamele tse 6 000, dikgomo tse 2 000* le ditonki tse tshehadi tse 1 000.+ 13 O ile a boela a ba le bara ba bang ba supileng le baradi ba bang ba bararo.+ 14 Moradi wa hae wa pele a mo reha Jemima, wa bobedi a mo reha Kezia mme wa boraro a mo reha Keren-hapuke. 15 Naheng eo yohle ho ne ho se na basadi ba batle jwalo ka baradi ba Jobo mme ntate wa bona o ile a ba fa lefa ha mmoho le bana ba bo bona.
16 Ka mora moo, Jobo o ile a phela dilemo tse 140 mme a bona bana ba hae le ditloholo tsa hae. Kaofela ha bona e ne e le meloko e mene. 17 Qetellong, Jobo o ile a shwa, a phetse nako e telele a bile a thabetse bophelo.