Jobo
35 Elihu a boela a re:
3 O re, ‘Na o* na le taba hore ke etsa se lokileng?
Na ho ka be ho le molemo ha ke ne ke entse sebe?’+
6 Ha o etsa sebe, na o mo utlwisa bohloko?+
Ha o etsa diphoso tse ngata, na di a mo ama?+
8 Dintho tse mpe tseo o di etsang di ama batho feela
Le tse ntle tseo o di etsang di a ba ama.
9 Batho ba a lla ha ba hloriswa haholo.
Ba llela ho imollwa ho batho ba matla* ba ba hlorisang.+
10 Empa ha ho na motho ya reng, ‘O kae Modimo, Mmopi wa ka e Moholo,+
Ya etsang hore ho binwe dipina bosiu?’+
13 Modimo ha a mamele batho ba etsang eka ba a lla.*+
Ya Matla Ohle ha a ba utlwe.
14 Ha a o mamele le ho feta ha o tletleba ka hore ha o mo bone.+
Nyewe ya hao e ka pela hae. Ka hoo, o lokela ho mo emela.+
15 Ha a eso o bitse a halefile hore o tlo ikarabella
Hape ha a mamela mantswe a se nang thuso ao o a buileng.+
16 Jobo o phahamisa molomo mme o bua dintho tse se nang thuso.
O bua dintho tse ngata tseo a sa di tsebeng.”+