Jobo
3 Ka mora dintho tsena Jobo a qala ho bua yaba o bitsetsa letsatsi leo a hlahileng ka lona bomadimabe.*+ 2 A re:
3 “Ekare letsatsi leo ke hlahileng ka lona le ka be le sa tjhaba,+
Hape ho sa fihla le bosiu boo motho a ileng a re, ‘Ho hlahile ngwana wa moshanyana.’
4 Letsatsi leo e ke e be lefifi.
Modimo ya hodimo a se ke a le tsotella,
Ho hang le se ke la ba le kganya.
5 Le ke le aparelwe ke lefifi le letsho.*
Leru la pula le ke le dule hodima lona.
Ntho le ha e le efe e fifatsang letsatsi e ke e le tshose.
6 Bosiu boo bo ke bo aparelwe ke lefifi le letsholetsho,+
Le ka mohla bo se ke ba thaba hara matsatsi ohle a selemo.
Bo se ke ba balellwa hara matsatsi a dikgwedi.
7 Ho ne ho ka ba molemo ha ho ne ho se na motho ya hlahileng bosiung boo,
Le mohoo wa thabo o sa utlwahala bosiung boo.
8 Ba bitsetsang matsatsi bomadimabe ba ke ba bitsetse bosiu boo bomadimabe
9 Dinaledi tsa bona tsa meso di ke di fifale,
Bo ke bo letele kganya ya letsatsi empa e se ke ya fihla,
Bo se ke ba bona mahlasedi a meso.
11 Ke hobaneng ha ke sa shwa ha ke hlaha?
Ke hobaneng ha ke sa shwa ha ke tswa ka popelong?+
12 Ke hobaneng ha ho bile le mangole a nkamohelang
Le matswele a nnyantshang?
13 Hona jwale nka be ke paqame ho se motho ya ntshwenyang,+
Ke ithobaletse ke phomotse+
14 Ha mmoho le marena a lefatshe le baeletsi ba ona,
Ba ikahetseng dibaka tseo hona jwale di senyehileng,
15 Kapa le dikgosana tse neng di ena le kgauta,
Tseo matlo a tsona a neng a tletse silevera.
16 Kapa ke hobaneng ha ke sa ba jwalo ka mpa e senyehileng e patehileng,
Jwalo ka bana ba sa kang ba bona kganya?
18 Batshwaruwa ba dutse ka kgotso ha mmoho moo,
Ha ba utlwe lentswe la ya ba qobellang ho sebetsa.
20 Ke hobaneng ha a fa motho ya nang le mathata kganya,
A dumella le batho ba utlwileng bohloko hore ba phele?+
21 Ke hobaneng ha ba nyoretswe lefu empa le sa tle?+
Ba le tjheka ho feta matlotlo a patilweng,
22 Ba thaba haholo,
Ba thabela ho fumana sebaka sa lepato.
23 Ke hobaneng ha Modimo a fa monna ya lahlehileng kganya,
Eo a mo etseditseng lebota leo a ke keng a kgona ho tswa ka hara lona?+
25 Ntho eo ke neng ke e tshaba e tlile ho nna,
Le ntho e ntshosang e fihlile.
26 Ha ke eso be le kgotso, kgutso le phomolo
Empa mathata a tla a ntse a latellana.”